Ezekiele 18:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)6 ha a sa je dithabeng, a sa lelaletse mahlo ditshwantshong tsa ntlo ya Iseraele, ha a sa silafatse mosadi wa wa habo, a sa atamele mosadi ya ilang, အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE6 a sa jele bakeng tsa borapedi, bakeng tse dithabeng, a eso rapele medingwana ya Iseraele; a eso silafatse mosadi wa monna e mong, kapa a robala le mosadi ya nang le lehatlelo; အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ka fela ka ba isa naheng eo ke neng ke emisitse letsoho la ka, ka re, ke tla ba fa yona, mme teng ba bona maralla wohle a phahameng le difate tsohle tse mahlaku; teng, ba hlaba mahlabelo, ba hlahisa dinyehelo tsa bona tse mphephetsang, ba re, ba bea dibano tse monko o monate, ba ba ba tshela ditshelo tsa bona.
Mme le tla tseba hoba ke nna Jehova, mohla ba bolailweng ba bona ba tla rapalla hara ditshwantsho tsa bona ka nqa tsohle ho dialetare tsa bona, le maralleng wohle, le diqhoweng tsohle tsa dithaba, le katlasa difate tsohle tse mahlaku, le tlasa dieike tsohle tse mahlaku, dinqalong tsohle tseo ba tjheseditseng ditshwantsho tsa bona dibano tse monko o monate.