Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 18:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Ekare ha a itisa, a kgeloha ditlolo tsohle tseo a neng a di etsa, o fela a tla phela; ha a ka ke a shwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Kaha a lemoha ditshito tsa hae tsohle, tseo a di entseng, mme a di furalla, ruri o tla phela, a ke ke a shwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 18:28
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ALEF. Ho lehlohonolo bao metsamao ya bona e tshepehang, ba yang ka molao wa Jehova!


Ke nahana metsamao ya ka, ke lebisetsa maoto a ka dikeletsong tsa hao.


ke moo nke keng ka swaba ha ke nahana ditaelo tsa hao tsohle.


Haele wena, mora motho, o tle o iketsetse thoto e kang ya mofalli, o tlohe motshehare pela mahlo a bona, jwaloka hoja o falla: o fele o tlohe pela mahlo a bona, nqalong eo o leng ho yona, ho ya ho e nngwe nqalo; ekaba ba tla nahana hoba efela ke ntlo ya bahanyetsi.


Empa bonang, ekare ha a tswetse mora ya boneng dibe tsohle tseo ntatae a di entseng, mme leha a di bone, a mpa a sa di etse;


Haele e mobe, ha a ka sokoloha dibeng tsohle tseo a neng a di etsa, a boloka dikomelo tsohle tsa ka, a etsa ka taelo le ka ho loka, o fela a tla phela, a ke ke a shwa.


Le yena e mobe, ekare ha a kgeloha bobe boo a neng a bo etsa, a etsa ka taelo le ka ho loka, yena o pholosa moya wa hae.


Ke moo ba ntlo ya Iseraele ba reng: Tsela ya Morena ha e a loka hantle. Oho ntlo ya Iseraele, na ke ditsela tsa ka tse sa lokang hantle na? Na hase tsela tsa lona tse sa lokang hantle na?


Lahlelang hole le lona ditlolo tsohle tsa lona, tseo le tlotseng ka tsona, le iketsetse pelo e ntjha le moya o motjha. Na le ratelang ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele?


Mora motho, ere ho bana ba letjhaba la heno: Ho loka ha ya lokileng ha ho ka ke ha mo namolela tsatsing la boikgantsho ba hae, bolotsana ba molotsana ha bo ka ke ba mo diha tsatsing leo a bakang bolotsaneng ba hae; ho jwalo le ya lokileng, ha a ka ke a phela ka ho loka ha hae tsatsing leo a sitwang ka lona.


Hojane ba le bohlale ba ka be ba lemohile taba tsena, le ho ela ho fela ha bona hloko!


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ