Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 18:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Le yena e mobe, ekare ha a kgeloha bobe boo a neng a bo etsa, a etsa ka taelo le ka ho loka, yena o pholosa moya wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Empa ha motho ya kgopo a furalla bokgopo ba hae, boo a bo entseng, mme a etsa ho lokileng, ho nepahetseng, a ke ke a shwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 18:27
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mme le tle, re lokise ditaba, ho bolela Jehova. Leha dibe tsa lona di ka ba kgubedu jwaloka krimsone, di tla sweufala jwaloka lehlwa; leha di ka ba kgubedu jwaloka sekarelata, di tla ba tshweu jwaloka boya ba nku.


Molotsana a furalle tsela ya hae, ya kgopo a tlohele mehopolo ya hae, a sokolohele ho Jehova, mme o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane o tshwarela haholo.


Erekaha le hlomodisitse ka bohata pelo ya ya lokileng eo ke neng ke sa mo hlomodise, mme le natlafaditse diatla tsa e mobe, hore a se ke a sokoloha tseleng ya hae e mpe, a tle a tsebe ho pholoswa,


Haele e mobe, ha a ka sokoloha dibeng tsohle tseo a neng a di etsa, a boloka dikomelo tsohle tsa ka, a etsa ka taelo le ka ho loka, o fela a tla phela, a ke ke a shwa.


Ekare ha ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, mme a eshwa kahoo, o shwa ka bokgopo boo a bo entseng.


Ekare ha a itisa, a kgeloha ditlolo tsohle tseo a neng a di etsa, o fela a tla phela; ha a ka ke a shwa.


Leha nka re ho molotsana: O fela o tla shwa! ha a ka baka sebeng sa hae, a ya ka taelo le ka ho loka,


o utlwile modumo wa phala, mme ha a ka a hlokomela; madi a hae a be ho yena. Empa ha a hlokomela, o tla pholosa moya wa hae.


Empa eyang, le ithute polelo e reng: Ke rata mohau, e seng sehlabelo; hobane ha ke a tla ho biletsa ba lokileng pakong, empa e le baetsadibe.


A tiisa ka ditaba tse ding tse ngata, a ba kgothatsa, a re: Ipolokeng mofuteng ona o kgopo.


ke ntse ke kgothaletsa Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo, le ho dumela ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


empa ka qala ho bolella ba Damaseka, le ba Jerusalema, le ba Judea bohle, ka ntoo bolella ditjhaba tse ding, hore bohle ba bake, ba sokolohele ho Modimo, ba ntse ba etsa mesebetsi e tshwanelang pako.


Bakang ke hona, mme le sokolohe, dibe tsa lona di tle di hlakolwe,


O ke o itebele, o lebele le yona thuto; mme o tiye teng; hobane, ha o etsa jwalo, o tla ipholosa, o pholose le ba o utlwang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ