Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 18:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ke hona moo le reng: Tsela ya Morena ha e a loka hantle. Mamelang jwale, lona ba ntlo ya Iseraele! Na ke tsela ya ka e sa lokang hantle na? Na hase tsela tsa lona tse sa lokang na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 “Feela lona le re: ‘Tsela ya Morena ha e a loka.’ Utlwang, lona ba ntlo ya Iseraele: Na tsela ya ka ha e a loka? Na hase ditsela tsa lona tse sa lokang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 18:25
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho! o se ke wa etsa taba e jwalo le hanyenyane, wa bolaya ya lokileng hammoho le ya bolotsana, hore ya lokileng a hlahelwe ke ntho e le nngwe le molotsana. Taba eo e be hole le wena! Hleka moahlodi wa lefatshe a ke ke a etsa ka ho loka na?


ha o tsohela Modimo bohale, ha molomo wa hao o ntsha dipolelo tse jwalo?


Yaba ho tuka bohale ba Elihu, mora wa Barakeele, wa Buse, wa ntlo ya Rame; bohale ba hae ba tukela Jobo, hobane a ipeile ya lokileng ho fetisa Modimo;


Na o hloma hore ke taba e lokileng ha o ipea ya lokileng ho fetisa Modimo na,


Na o fela o rata ho senya kahlolo ya ka? O rata ho ntswa hore o itokafatse na?


Jehova o lokile ditseleng tsa hae tsohle, o mohau diketsong tsa hae tsohle.


Ke tseo o di entseng, mme kahobane ke ikgutseditse, o hopotse hoba nna ke ya jwaloka wena; ke tla o kgalemela, ke hlanole tsohle mahlong a hao.


Mme mahodimo a tla bolela ho loka ha wona, hobane Modimo ke wona o tla ahlola. (Sela.)


Bowatla ba motho bo mo kgelosa tsela, eba pelo ya hae e hlonamela Jehova!


Jehova, o lokile, nka sitwa ho tseka le wena; leha ho le jwalo, ke ya tseka le wena. Na ba babe ba ntse ba atleha keng? Bathetsi kaofela ba na le kgotso keng?


Ekare ha ya lokileng a kgeloha ho loka ha hae, a etsa bokgopo, mme a eshwa kahoo, o shwa ka bokgopo boo a bo entseng.


Ke moo ba ntlo ya Iseraele ba reng: Tsela ya Morena ha e a loka hantle. Oho ntlo ya Iseraele, na ke ditsela tsa ka tse sa lokang hantle na? Na hase tsela tsa lona tse sa lokang hantle na?


Empa bana ba letjhaba la heno ba re: Tsela ya Morena ha e a loka; athe e sa lokang ke tsela ya bona.


Athe le re: Tsela ya Morena ha e a loka! Ke tla le ahlola e mong le e mong ka tsela tsa hae, lona ntlo ya Iseraele.


Jehova o lokile kahare ho wona; ha a etse bokgopo, ka hosasa ho hong le ho hong o ntshetsa kahlolo ya hae leseding, ha a lese ho etsa jwalo; empa molotsana ha a tsebe dihlong.


Le kgathatsa Jehova ka mantswe a lona, mme le re: Re mo kgathatsa kang? ... Ke ha le re: E mong le e mong ya etsang hampe o molemo mahlong a Jehova, mme ke bona bao a kgahlwang ke bona! kapa ha le re: O kae Modimo wa kahlolo?


Hobane ka baka la ho se tsebe ho loka ha Modimo, le ka baka la ho hloma ho loka hoo e leng ha bona, ha ba ka ba ipea tlasa ho loka ha Modimo;


Ka baka leo, ha ho nama, leha e le nngwe, e tlang ho bewa e lokileng pela wona ke mesebetsi ya molao; hobane ke ka molao re nang le tsebo ya sebe.


Mme ha ho se loke ha rona ho bonahatsa ho loka ha Modimo, re tla reng moo? Na Modimo o kgopo ha o etsa ka kgalefo na?


Empa wena motho, o mang ha o tsekisa Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: O ne o nketsetsang jwalo na?


Ke Lefika; mosebetsi wa hae o phethehile, hobane ditsela tsa hae kaofela di lokile: ke Modimo o tshepehang, o se nang bokgopo; o lokile, o kgabane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ