Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 18:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Na le reng, ha le bolela polelo ya maele naheng ya Iseraele, e reng: Bontata bana ba jele morara o bodila, mme meno a bana a thella?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 “Lona batho, le bolelang ka maele aa, ha le bua ka naha ya Iseraele, le re: “ ‘Bo-ntata ba jele morara o bodila, jwale meno a bana a a thella’?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 18:2
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa le re: Modimo o bolokela bana ba molotsana dikotlo tsa bokgopo ba hae. O mpe o ke o otle yena, a tle a utlwe.


O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa: hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;


Le reng ha le hlorisa setjhaba sa ka, leha le pitla difahleho tsa basenyehi? ho botsa Morena, Jehova wa makgotla.


Ke tla ba neela ho tsukutlwa mebusong yohle ya lefatshe, ka baka la Manasse, mora Esekiase, morena wa Juda, le ka baka la seo a se entseng Jerusalema.


Bontata rona ba sitilwe, ba se ba le siyo, mme rona re jere makgopo a bona.


Mora motho, polelo ke efe eo le nang le yona naheng ya Iseraele, ha le re: Matsatsi a ntse a eketseha, empa pono e nngwe le e nngwe ya mohlolo e a timela?


Bona, mang le mang ya etsang maele, o tla etsa le leng ka wena, a re: Moradi o futsitse mmae.


Ere ho ntlo eo ya bahanyetsi: Na ha le tsebe tse tshwantshwang ka taba tseo? Ere: Bonang, morena wa Babilona o ne a tle Jerusalema, a tshwara morena le mahosana teng, a ya le bona Babilona.


Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:


Lona le re: Mora motho eo ha a jare keng molato wa bokgopo ba ntatae hammoho le yena? Tjhe, mora hae o entse ka taelo le ka ho loka, o bolokile dikomelo tsohle tsa ka, o ile ka tsona; efela o tla phela.


Ke a phela, ho bolela Morena Jehova, ha le ka ke la hlola le bolela polelo eo ya maele Iseraeleng.


o re ho bana ba Ammone: Mamelang lentswe la Morena Jehova! Morena Jehova o re: Erekaha o itse: Haiaha! ka sehalalelo sa ka mohla se silafatswang, le ka lefatshe la Iseraele mohla le etswang nahathothe, le ka ba ntlo ya Juda mohla ba iswang kgolehong,


Yaba o re ho nna: Mora motho, masapo ao ke ntlo yohle ya Iseraele. Bona, ba re: Masapo a rona a omeletse, tshepo ya rona e timetse, re fedisitswe.


O re ho bona: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla nka sefate sa Josefa se letsohong la Efraime, le meloko ya Iseraele e kopaneng le yena, ke di bee ho se seng, e leng sefate sa Juda; ke tla di etsa sefate se le seng, di etse sefate se le seng letsohong la ka.


Ba tla aha lefatsheng leo ke neng ke le nee mohlanka wa ka Jakobo, leo bontata lona ba neng ba ahe ho lona: ba tla aha ho lona, e le bona, le bara ba bona, le ditloholo tsa bona kamehla; mme mohlanka wa ka Davida e tla ba morena wa bona kamehla.


Haele wena, mora motho, Morena Jehova o bolela hodima naha ya Iseraele, o re: Bofelo, bofelo ba dipheletso tse nne tsa lefatshe lena bo fihlile!


Kannete ke re ho lona: Tseo tsohle di tla hlahela moloko wona!


Empa wena motho, o mang ha o tsekisa Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: O ne o nketsetsang jwalo na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ