Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 18:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Lona le re: Mora motho eo ha a jare keng molato wa bokgopo ba ntatae hammoho le yena? Tjhe, mora hae o entse ka taelo le ka ho loka, o bolokile dikomelo tsohle tsa ka, o ile ka tsona; efela o tla phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 “Empa lona le a botsa, le re: ‘Ke hobaneng ha mora a sa jariswe bokgopo ba ntatae?’ Ha mora a entse ho lokileng, ho nepahetseng, a bolokile ditaelo tsa ka, a di phethile, ruri o tla phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 18:19
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, Jehova ha a ka a phetsa ho halefela Juda haholo, ka baka la tsohle tseo Manasse a mo halefisitseng ka tsona.


O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa: hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;


Ke tla ba neela ho tsukutlwa mebusong yohle ya lefatshe, ka baka la Manasse, mora Esekiase, morena wa Juda, le ka baka la seo a se entseng Jerusalema.


Bontata rona ba sitilwe, ba se ba le siyo, mme rona re jere makgopo a bona.


Empa ntatae, kahobane a tubile ngwanabo hampe, a mo tlatlapile, a entse se se nang botle hara setjhaba sa habo, bonang, o tla shwa ka bokgopo ba hae.


Na le reng, ha le bolela polelo ya maele naheng ya Iseraele, e reng: Bontata bana ba jele morara o bodila, mme meno a bana a thella?


ha a tsamaya dikomelong tsa ka, a boloka melao ya ka, ho etsa nnete, motho eo etlaba o lokile; efela o tla phela: ho rialo Morena Jehova.


kahobane ba sa ka ba etsa ka melao ya ka, ba mpa ba lahlile dikomelo tsa ka, ba silafaditse Disabatha tsa ka, mme mahlo a bona a nna a latela ditshwantsho tsa bontata bona.


Ha ho le jwalo, ere ho ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Haele mona le itshilafatsa ka mekgwa ya bontata lona, mme le feba ka ho ya ka diila tsa bona,


Oho mora motho, ere ho ba ntlo ya Iseraele: Le bolela, le re: Kannete maikgantsho a rona le dibe tsa rona di ho rona, re timela ka baka la tsona; re ka phela ha re etsa jwang na?


O se ke wa di kgumamela, o se ke wa di sebeletsa; hobane nna Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o boulelang, o otlang bana ka bokgopo ba batswadi ba bona ho isa molokong wa boraro le wa bone wa ba ntlhoyang;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ