Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 18:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 a sa etse mohlomohi ka matla, a sa nke phahello leha e le katiso, a etsa ka ditaelo tsa ka, a tsamaya ka dikomelo tsa ka; eo a ke ke a shwa ka bokgopo ba ntatae, o fela a tla phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 ya hanang ho etsa bokgopo, ya sa adimaneng hore a fumane phaello, kapa hona ho inkela tswala e ngata; ya jwalo o mamela ditaelo tsa ka, le melao ya ka o a e boloka. “A ke ke a shwa ka baka la bokgopo ba ntatae; ruri o tla phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 18:17
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ke ne ke le ntata mofutsana, ke ne ke botsisisa taba ya motho leha ke sa mo tsebe;


ALEF. Ho lehlohonolo bao metsamao ya bona e tshepehang, ba yang ka molao wa Jehova!


ba sa etseng bokgopo, ba mpang ba tsamaya ditseleng tsa hae!


Ya tubang mofutsana o nyedisa Mmopi wa hae; empa ya molemo ho mofumanehi o a mo rorisa.


Ha morena a ka ahlolela mofutsana ka ho loka, tulo tsa hae di tla tiya kamehla.


Motho ya lokileng o utlwisisa nyewe ya bafumanehi; empa e mobe ha a e utlwisise, ha a e tsebe.


Oho Jehova, matla a ka, le qhobosheane ya ka, le setshabelo sa ka tsatsing la tlokotsi, ditjhaba di tla tla ho wena, di etswa pheletsong tsa lefatshe, mme di tla re: Ruri, bontata rona ba ruile leshano le mafeela a se nang thuso.


O ne a ahlolela mofumanehi le mofutsana, o ne a ena le kgotso ke hona. Na hoo hase ho ntseba na, ho bolela Jehova?


a adima ka phahello, a nka katiso, na o tla phela na? Ha a ka ke a phela; o entse manyala ao wohle, a fele a bolawe, madi a hae a be hodima hae!


Empa ntatae, kahobane a tubile ngwanabo hampe, a mo tlatlapile, a entse se se nang botle hara setjhaba sa habo, bonang, o tla shwa ka bokgopo ba hae.


Ekare ha a itisa, a kgeloha ditlolo tsohle tseo a neng a di etsa, o fela a tla phela; ha a ka ke a shwa.


Ka ba ka re ho bana ba bona nahathothe: Le se ke la tsamaya ka dikomelo tsa bontata lona, le se ke la boloka mekgwa ya bona, le se ke la itshilafatsa ka ditshwantsho tsa bona.


Ha ho le jwalo, ere ho ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Haele mona le itshilafatsa ka mekgwa ya bontata lona, mme le feba ka ho ya ka diila tsa bona,


Empa wena, ha o tshositse ya lokileng, hore ya lokileng a se ke a etsa sebe, mme a fela a sa ka a se etsa, kannete o tla phela, hobane o ne a tshoswe, mme etlaba wena o pholositse moya wa hao.


Ekare ha ke bolella ya lokileng hore o tla phela, ... ha a ka itshepela ho loka ha hae, mme a etsa bokgopo, ho loka hohle ha hae ha ho ka ke ha hopolwa, empa o tla shwa ka bokgopo boo a bo entseng.


Ha ho le jwalo, morena keletso ya ka e amohelwe ke wena, o lopolle dibe tsa hao ka ho etsa ka ho loka, le bokgopo ba hao ka ho hauhela bafumanehi, mohlomong ekaba o tla lelefatsa katleho ya hao kahona.


Le boloke ke hona melao le ditaelo tsa ka, mme le se ke la etsa leha le le leng la manyala ao, leha e le ya tswaletsweng ha eno, leha e le moditjhaba ya jakileng hara lona.


Le boloke melao ya ka, mme le se ke la etsa leha o le mong wa mekgwa e manyala e neng e etswa le eso ho kene, mme le se ke la itshela ditshila ka yona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Le tla ya ka ditaelo tsa ka, le boloke melao ya ka ho ya ka yona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Haesale mehleng ya bontata lona, la kgeloha ditaelo tsa ka, mme ha le a ka la di boloka; kgutlelang ho nna, mme ke tla kgutlela ho lona, ho bolela Jehova wa makgotla. Mme le re: Re kgutle ho eng?


Empa Sakea a ema, a re ho Morena: Bona, Morena, leruo la ka ke le arolela mafutsana kalehare; mme ha ke amohile motho ntho e nngwe ka thetso, ke busetsa ho yena tse nne.


Ba batlang kganya, le hlompheho, le ho se bole, ka ho tiisetsa ho etsa hantle, o ba nee bophelo bo sa feleng;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ