Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 18:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 a sa tube motho, a sa nke tebeletso, a sa tlatlape, a mpa a nea molapi bohobe ba hae, a apesa ya hlobotseng diaparo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 a eso ka a hatella motho, a eso batle peeletso ho maodimi, a eso tlatlape motho a mo tlatlapa ka mahahapa, empa a fepa ba lapileng a ba fepa dijo tsa hae, ba hlobotseng le bona a ba apesa;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 18:16
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane o nkile tebeletso ho wa heno feelafeela; o hlobodisitse bahloki, wa nka dikobo tsa bona;


ha o a ka wa nea motho ya nyorilweng metsi, mme o hanetse ya lapileng le bohobe ba hao;


Ha ekaba ke ne ke hane thapelo ya mofutsana, ka lebellisa mosadi wa mohlolohadi, a ba a khathala mahlo,


ha ekaba nkile ka bona e mong ya timelang a se na diaparo, kapa mofumanehi ya hlokang seo a ikapesang ka sona,


mme matheka a bona a sa ka a ntlhohonolofatsa, mme ba sa ka ba futhumala ka boya ba dikonyana tsa ka;


Motho ya fanang o tla hlohonolofatswa, kahobane o sitsa mofutsana ka bohobe ba hae.


Ekare ha sera sa hao se lapile, se fe ho ja bohobe; ha se nyorilwe, o se nee metsi, se nwe;


O fuparollela bafumanehi seatla sa hae, o se otlollela mohloki.


a tuba mohlomohi le mofutsana, a tlatlapa, a sa kgutlise tebeletso, a lelaletsa mahlo a hae ditshwantshong, a etsa tse manyala,


a sa ke a eja dithabeng, a sa ke a lelaletsa mahlo a hae ditshwantshong tsa ntlo ya Iseraele, a sa silafatse mosadi wa wa habo;


leha a sa tube motho, mme a kgutlisa tebeletso e ntsheditsweng molato, a sa tlatlape, a nea molapi bohobe ba hae, a apesa ya hlobotseng diaparo,


Hobane ke na be ke lapile, mme le kile la nnea ka ja; ke na be ke nyorilwe, mme le kile la nnea ka nwa; ke na be ke le moeti, mme la nkenya tlung ha lona;


ke na be ke hlobotse, mme la nkapesa; ke na be ke baba, mme le tlile ho mpona; ke na be ke le teronkong, mme la tla ho nna.


Le mpe le fane ka dintho tsa lona, mme dintho kaofela di tla hlweka ho lona.


Empa enore ha o etsa mmoka, o bitse bahloki, le dihole, le dihlotsa, le difofu;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ