Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 18:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 a tuba mohlomohi le mofutsana, a tlatlapa, a sa kgutlise tebeletso, a lelaletsa mahlo a hae ditshwantshong, a etsa tse manyala,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 a hatella mafutsana le bahloki, a tlatlapa motho ka mahahapa, a sa buseletse moadimi a mmuseletsa peeletso ya hae, a rapela medingwana ya bohata, a etsa dintho tse manyala;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 18:12
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ekare ha Manasse, morena wa Juda, a entse manyala ao; erekaha a entse hampe ho fetisa le tsohle tse entsweng pele ke Baamore; erekaha a kgelositse le Juda ka ditshwantsho tsa hae,


Le nqalong tse diphahameng tse pela Jerusalema, ka ho le letona ho thaba ya Tahleho, tseo Salomone, morena wa Iseraele, a neng a di hahetse Ashtarothe, manyala a Basidone, le Kemoshe, manyala a Moabe, le Milkome, mayala a bana ba Ammone, tsa silafatswa ke morena.


Jehova o biletsa baholo ba setjhaba sa hae le marena a sona tsekong, o re: Le jele tshimo ya merara, mme kgapo eo le e amohileng bafumanehi e matlung a lona.


Kanthe wena, ha o na mahlo leha e le pelo, haese ya ho ikgahatlella le ho tsholla madi a se nang molato, le ho sebetsa botubo le ho tsohela batho matla.


Ho itswe ke Jehova: Etsang kahlolo le ho loka, le namolele mofutsana matsohong a ya mo tubang, le se ke la tsohela moditjhaba le kgutsana le mosadi wa mohlolohadi matla; le se ke la ba etsa hampe, le se ke la tsholla madi a se nang molato nqalong ena.


Bona, bokgopo ba Sodoma, ngwaneno, ke bona: e ne e le boikgohomoso, le nala, le ho dula ho iketlilwe; ke bona bokgopo ba hae le ba baradi ba hae; hape, o ne a sa tshehetse matsoho a mohlomohi le a mofutsana.


a sa tube motho, a sa nke tebeletso, a sa tlatlape, a mpa a nea molapi bohobe ba hae, a apesa ya hlobotseng diaparo;


Ha ho le jwalo, ere ho bona: Morena Jehova o re: Le jellela le madi, le emisetsa mahlo a lona ditshwantshong tsa lona, le tsholla madi; mme le re, le tla rua lefatshe lena?


Etsa mahlaahlela, hobane lefatshe lena le tletse ditlolo tse madi, mme motse wona o tletse bothata.


A re ho nna: Mora motho, na o bone na? Na ke ntho e nyenyane hore ba ntlo ya Juda ba etse manyala a etswang ke bona mona, haele moo ba tlatsitse lefatshe ka bothata, mme ba ntse ba nkgalefisa na? O ka bona, ba isa lekala la morara dinkong tsa bona.


A re ho nna: Mora motho, na o bona seo ba se etsang na? Na o bona manyala a maholo ao ba ntlo ya Iseraele ba a etsang mona, hore ba tle ba ntshuthise pela sehalalelo sa ka? Empa o sa tla bona manyala a mang a maholo.


Efraime ke Mokanana (mohwebi); letsohong la hae o tshwere sekala sa bohata, o rata ho thetsa.


O se ke wa robala le monna, jwalokaha ho robalwa le mosadi: ke ntho e manyala.


Utlwang lentswe lena, lona dithole tsa Bashane tse thabeng ya Samaria, lona le hlorisang ba banyenyane, le tshwenyang mafutsana, le reng ho banna ba lona: Tlisang, re nwe!


le se ke la hlorisa mosadi wa mohlolohadi, le kgutsana, le moditjhaba, le mofutsana, le se ke la rerela ngwanabo lona kotsi pelong tsa lona.


Athe lona le nyedisitse mofumanehi! Na hase barui ba le hlorisang, ba le hulelang kgotla na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ