Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 17:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ere: Morena Jehova o re: Na o tla atleha? Na ntsu ya pele ha e ka ke ya fothola metso ya wona, le ho kgaola ditholwana tsa wona, hore o omelle, ho omelle le mahlomela wohle a wona a matjha? Ho ke ke ha hlokwa letsoho le matla, kapa setjhaba se seholo, ho o fothola le metso ya wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 “Ere ho bona Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Morara o jwalo na o ka atleha? Ha o tlo fotholwa ka metso, tholwana tsa wona di hlohlorwe, di omelle? Mahaba a wona wohle a tla omella! Ho o fothola ka metso ho tla ba bobebe, ha ho hloke matla kapa letshwele la batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 17:9
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bonang hle, Modimo o na le rona, o re eteletse pele le baprista ba tshwereng diterompeta tse tlerolang tsa ho le letsetsa. Oho, bana ba Iseraele, le se ka la lwantsha Jehova, Modimo wa bontata lona, hobane le ke ke la atleha.


Ba tsoha e sa le hosasa, mme ba tswela nqa lefeelleng la Tekowa; ba re ba sa tswa, Josafate a ema, a re: Mmameleng, lona Bajuda, le lona baahi ba Jerusalema! Ke re: Tshepang Jehova, Modimo wa lona, le tle le tiye; le dumele baporofeta ba hae, le tle le atlehe.


Mme o tla nkela Tsedekia Babilona; o tla nne a dule teng, ke tle ke be ke mo etele, ho bolela Jehova. Ha le lwana le Bakalde, le ke ke la thusa letho.


Hobane hojane ebe le bolaile sera sohle sa Bakalde ba le lwantshang, mme ho setse batho ba maqeba feela ho bona, ba ne ba tla tsoha, e mong le e mong tenteng ya hae, ba tjhese motse ona ka mollo.


Bona, o hlomilwe; na o tla atleha na? Na moya wa botjhabela etlare ha o o ama, o ke ke wa omella ruri na? O tla omellela leifong leo o hlomilweng ho lona.


O ne o lemilwe tshimong e ntle, pela metsi a mangata, hore o tle o hlomele mahlomela, o behe le ditholwana, hore o be o fetohe morara o motlemotle.


Athe ke nna ke neng ke timetse Baamore pela lona, bao bolelele ba bona bo neng bo le ka ka bolelele ba dikedare, ba le matla jwaloka dieike, ka timetsa tholwana tsa bona hodimo le metso ya bona tlase.


Yaba Moshe o re: Na ke ka baka lang ha le tlola taelo ya Jehova jwalo? Hona hoo ho ke ke ha le fetohela molemo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ