Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 17:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 O ne o lemilwe tshimong e ntle, pela metsi a mangata, hore o tle o hlomele mahlomela, o behe le ditholwana, hore o be o fetohe morara o motlemotle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Morara o no so hlonngwe mobung wa selokwe, o hlonngwe pela metsi, metsi a nwesetsang, hore o tlo medise makala a wona, o a medise, a behe le ditholwana, e be morara wa bohlokwa, o motlemotle.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 17:8
4 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ntsu e kgolo e nngwe e ne e le teng, e dipheo di telele, e masiba a teteaneng; yaba morara oo o tshwepholela metso ya wona nqa ho yona, mme o le leifong leo o lemilweng ho lona, wa isa makala a wona ho yona, hore e tle e a nosetse.


Ere: Morena Jehova o re: Na o tla atleha? Na ntsu ya pele ha e ka ke ya fothola metso ya wona, le ho kgaola ditholwana tsa wona, hore o omelle, ho omelle le mahlomela wohle a wona a matjha? Ho ke ke ha hlokwa letsoho le matla, kapa setjhaba se seholo, ho o fothola le metso ya wona.


Ya nna ya mediswa ke metsi, dikgohola tsa nna tsa hodisa bophahamo ba yona, ka ho teela nqalo eo e hlomilweng ho yona hare ka diphororo tsa tsona, mme tsa nna tsa fihlisa dikeledi tsa tsona difateng tsohle tse naheng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ