Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 17:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Yaba e kga lekala le leholo la yona, ya le isa naheng ya bahwebi, ya le bea motseng wa kgwebo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Ya qotha lehlahla le le hodimodimo, ya ya le lona naheng ya bahwebi, ya le hloma kahara motse wa bahwebi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 17:4
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ebile Jojakine, morena wa Juda, o tswela ho morena wa Babilona, e le yena, le mmae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le matona a hae. Morena wa Babilona a mo tshwara ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa ho busa ha hae.


Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa lona, Mohalaledi wa Iseraele: Ka baka la lona, ke rometse ho lwantsha Babilona, mme ke tla ba dihela bohle, ba balehe le bona Bakalde ka dikepeng tseo ba ithorisang ka tsona.


Ba tla ba jwalo kaofela bao o ikgathaditseng hakalo ho eletswa ke bona, bao o sebedisaneng le bona esale botjheng ba hao; ba tla ikela e mong le e mong ka tsela ya hae; ha ho motho ya tla o pholosa.


Eitse hobane Nebukadresare, morena wa Babilona, a tshware Jekonia, mora Jojakime, morena wa Juda, le baholo ba Juda, le dibetli, le malala Jerusalema, a ba kentse Babilona, Jehova a mpontsha pono; mme bonang, diroto tse pedi tsa difeiye di ne di beilwe pela tempele ya Jehova.


Wena ya ahileng metsing a maholo, ya tletseng matlotlo, bofelo ba hao bo tlile, boshodu ba hao bo ya fela.


o re: Morena Jehova o re: Ntsu e kgolo e dipheo di telele, e setono se selelele, e masiba a teteaneng, a mebalabala, e ne e tle Lebanone, mme ya nka ntlha ya kedare.


Ya ntoo nka lehlomela la naha ena, ya le hloma tshimong e lemilweng, ya le bea pela metsi a mangata, ya le hloma jwaloka hoja ke moduwane.


Bona, Assiria e ne e le kedare ya Lebanone, e ntle mahlomeleng a yona, e etsetsang moru moriti, e telele ho holeng ha yona, eo ntlha ya yona e neng e bonahala hara maru.


Hobane ditjhaba tsohle di nwele veine ya bohale ba bootswa ba hae; mme marena a lefatshe a febile le yena, mme bahwebi ba lefatshe ba enne ka boholo ba menono ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ