Ezekiele 17:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)22 Morena Jehova o re: Empa nna, ke tla nka lekala ntlheng e phahameng ya kedare, ke le hlome fatshe; lekaleng le leholo la yona, ke tla kga letlobo la lona, ke le hlome thabeng e telele, e phahameng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE22 “ ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Le nna ke tla kgaola kala le hodimodimo, le hodimodimo la fate sa kedare, ke le hlome, ke qothe lehlahla kaleng le hodimodimo, ke le hlome hodima thaba e telele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Hobane thabeng ya ka e halalelang, thabeng e phahameng ya Iseraele, ho bolela Morena Jehova, bohle ba ntlo ya Iseraele, e leng bohle ba leng naheng ya bona, ba tla ntshebeletsa teng; hona teng, ke tla kgahlwa ke bona; teng ke tla botsa dikabelo tsa lona tse tsokotswang le dilopotsiya tseo le tla di tlisa tsa ntho tsohle tsa lona tse halalelang.