Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 17:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Ke a phela! o kgesitse kano ya ka, o tlotse selekane sa ka. Molato oo ke tla o bea hloohong ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 “ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Ke a hlapanya, ruri ke tla mo otlela kano ya ka eo a e nyedisitseng, le selekane sa ka seo a se sentseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 17:19
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova o tla busetsa madi a Joabe hloohong ya hae, hobane o bolaile batho ba babedi ba mo fetang ka ho loka le ka molemo, ntate Davida a sa tsebe; o ba bolaile ka lerumo; ke Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Iseraele, le Amasa, mora Jethere, molaodi wa makgotla a Juda.


Madi a bona a tla busetswa hloohong ya Joabe, le hloohong tsa ditloholo tsa hae kamehla; empa kgotso e tswang ho Jehova, e tla nne e be teng ho Davida, le ho ditloholo tsa hae, le tlung ya hae, le teroneng ya hae.


Setjhaba, kapa mmuso ha o ke ke wa ipea ho Nebukadnesare, morena wa Babilona, leha e le ho neela molala wa wona jokong ya morena wa Babilona, ke tla kgalemela setjhaba seo ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu la sewa, ho bolela Jehova, ke tle ke be ke se timetse ka letsoho la hae.


Morena Tsedekia a ntoo romela ho mo lata, mme morena a mmotsa ka tlung ya hae, ka sephiring, a re: Na lentswe le teng le tswang ho Jehova na? Yaba Jeremia o araba, a re: Le teng. Mme a re: O tla neelwa matsohong a morena wa Babilona.


Leha ba re: Jehova o a phela, leha ho le jwalo, ba ana ka leshano.


Na le re, nka lesa ho kgalemela ntho tseo, ho bolela Jehova, kapa nka lesa ho iphetetsa ho setjhaba se jwaloka seo na?


Erekaha o sa ka wa hopola ditshiu tsa botjha ba hao, mme o bile manyadi ho nna nthong tseo tsohle, le nna ke tla o jarisa molato wa metsamao ya hao hloohong: ho rialo Morena Jehova; mme ha o sa tla ekeletsa manyala a hao wohle ka ditshila tse ding.


Hobane Morena Jehova o re: Ke tla o etsa kamoo o entseng kateng, wena ya nyedisitseng kano ka ho roba selekane.


O kgesitse kano, o tlotse selekane; o bile o neile Faro letsoho la hae; o entse tseo tsohle; ha a ka ke a phonyoha.


Ke tla mo alla letlowa la ka, a tle a tshwaswe sefing sa ka, mme ke tla mo isa Babilona; teng, ke tla isana nyeweng le yena ka baka la bolotsana boo a nketseditseng bona.


Ha ho le jwalo, le nna leihlo la ka ha le ka ke la qenehela, mme ke tla hloka mohau. Ke beile metsamao ya bona dihloohong tsa bona.


O se ke wa tlaela ka lebitso la Jehova, Modimo wa hao; hobane Jehova a ke ke a latola molato wa ya tlaelang ka lebitso hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ