Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 17:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 O kgesitse kano, o tlotse selekane; o bile o neile Faro letsoho la hae; o entse tseo tsohle; ha a ka ke a phonyoha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 O nyedisitse kano ka ho senya selekane seo a neng a se hlapanyeditse, a etsa dintho tsena tsohle; kahoo a ke ke a phonyoha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 17:18
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A tloha teng, a kopana le Jonadabe, mora Rekabe, a tlile ho mo kgahlanyetsa. A mo dumedisa, a re ho yena: Na pelo ya hao e tshweu, jwalokaha pelo ya ka e le tshweu bakeng sa pelo ya hao na? Jonadabe a re: E tshweu. Yena a re: Ha ho le jwalo, nnee letsoho la hao. A mo neela letsoho la hae. A mo neela letsoho la hae, a mo nyollela koloing.


Dihlooho tsohle, le dinatla kaofela, le bara bohle ba morena Davida, ba ipea katlasa morena Salomone.


Jwale, le se ke la hlola le satalatsa melala ya lona, jwaloka bontata lona; le mpe le tshwarane matsoho le Jehova, mme le tle sehalalelong sa hae seo a se halaleditseng ka ho sa feleng; mme le sebeletse Jehova, Modimo wa lona, hore bohale ba kgalefo ya hae bo le kgelohe.


Ke re: Boloka taelo ya morena ka baka la kano eo o e entseng pela Modimo.


Re otlolletse matsoho a rona ho Baegepeta le ho Baassiria ho bona bohobe.


Eo a mpa a mo kwenehela ka ho romela manqosa Egepeta, hore a fuwe dipere le setjhaba se seholo teng. Ya entseng hoo na o tla atleha na? Na o tla phonyoha na? O tlotse selekane; a ka phonyoha na?


Ke a phela, ho rialo Morena Jehova: o tla shwela nqalong yona eo moo ho phelang eo a entsweng morena ke yena, eo a kgesitseng kano ya hae, eo a tlotseng selekane sa hae, o tla shwela hona moo ha hae, Babilona.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Ke a phela! o kgesitse kano ya ka, o tlotse selekane sa ka. Molato oo ke tla o bea hloohong ya hae.


Haele bona, mahlong a bona, ke bonohe ba lefeela; ke re, ho bona ba neng ba hlapantse le ho ana; empa yena o elellwa bokgopo ba bona, hore ba fele ba tshwarwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ