Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka feta ka wena, ka o bona, e le ha dilemo tsa hao e le dilemo tsa lerato; ka o alla moleka wa kobo ya ka, ka apesa bofeela ba hao; ka ba ka o hlapanyetsa, ka hlaba selekane le wena, ho rialo Morena Jehova, mme wa ba wa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 “ ‘Hamorao ha ke feta pela hao hape, ke o tadima, ka bona hore o se o hodile hoo o lokelang ho ferehwa. Yaba ke o apesa seaparo sa ka ho pata bofeela ba hao. Ka o hlapanyetsa, ka etsa selekane le wena, mme wa ba wa ka, ho rialo Morena Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:8
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

la re: Ho thwe ke Jehova: Ke hlapantse ka nna hore, ka baka la hobane o entse taba eo, o sa ka wa nkganela le mora wa hao, ya mong ho wena,


Tshoho le masisapelo di ba wetse hodimo; boholo jwa letsoho la hao bo ba fetotse dimumu jwaloka majwe; ho fihlela tjhaba sa hao se tshela, Jehova, ho fihlela tjhaba se tshela, setjhaba seo o se namoletseng.


Hopola Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, bahlanka ba hao, bao o ba hlapanyeditseng ka wena, wa re ho bona: Ke tla atisa ditloholo tsa lona, di be ka ka dinaledi tsa mahodimo, ke nee ditloholo tsa lona lefatshe lohle leo ke le boletseng, mme di le rue ka ho sa feleng.


Empa jwale, ho itswe ke Jehova, moetsi wa hao, Jakobo, le mmopi wa hao, Iseraele: Se tshabe, hobane ke o lopolotse, ke o bitsitse ka lebitso la hao, o wa ka!


Hobane o bile thata mahlong a ka, mme ke o hlonephile, ke o ratile; ke bea batho bakeng sa hao, le ditjhaba ho lopolla bophelo ba hao.


Jehova o iponahaditse ho nna a le hole, a re: E, ke o rata ka lerato le sa feleng; ka baka leo, ke tla o bolokela mohau wa ka.


e seng jwaloka selekane seo ke se entseng le bontata bona moholo, mohla ke ba tshwarang ka letsoho ho ba ntsha lefatsheng la Egepeta, e leng ba kileng ba roba selekane sa ka; athe e ne e le nna monga bona, ho bolela Jehova.


Ka re ke feta ka wena, ka o bona o sudubane mading a hao, ka re ho wena: Phela, wena o leng mading a hao! Ka pheta ka re ho wena: Phela, wena o leng mading a hao.


Iseraele ha a sa le motjha, ke mo ratile; ke bitsitse mora wa ka Egepeta.


Etlaba moo ke busetsang masimo a hae a morara ho yena, ke mo nee kgohlo ya Akore (moferefere) ho ba kgoro ya tshepo; teng o tla nkananela jwaloka mehleng ya botjha ba hae, jwaloka mohla a tswang lefatsheng la Egepeta.


O tla phallela dinyatsi tsa hae, empa a ke ke a di fihlela; o tla di batlisisa, empa a ke ke a di fumana. Ke moo a tla re: Ke tla ya, ke kgutlele ho monna wa ka wa pele, hobane ke ne ke iketla mohlang oo ho fetisa jwale.


Ke le ratile, ho bolela Jehova; mme le re: O re ratile kang? — Ha ke re, Esau e ne e le ngwanabo Jakobo? ho bolela Jehova; jwale, ke ratile Jakobo, athe Esau yena ke mo hloile;


Empa moo Modimo o totisitseng lerato la wona ho rona teng, ke ka hore, re sa le baetsadibe, Kreste o bile a shwa sebakeng sa rona.


Hobane Jehova, Modimo wa hao, ke Modimo o mohau; a ke ke a o tlohela, a ke ke a o timetsa, mme a ke ke a lebala selekane sa bontatao, seo a ba hlapanyeditseng sona.


A re: O mang na? Yena a re: Ke nna Ruthe, lekgabunyane la hao; o ale moleka wa kobo ya hao, hodima lekgabunyane la hao, etswe o le wa heso.


Ha ho le jwalo, le Jehova a ke ke a lahla setjhaba sa hae, ka baka la lebitso la hae le leholo; hobane ho kgahlile Jehova ho le etsa setjhaba sa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ