Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ka o atisa ka dikete, jwaloka jwang ba naha; wa hola, wa tiya, wa fihla botleng bo phethehileng; wa tswa diolamolora, moriri wa hao wa mela o le mongata; empa o ne o ntse o le feela, o hlobotse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 “ ‘Ka etsa hore o hole jwaloka semela sa naha; wa fela wa hola, wa phethahala, wa fetoha morwetsana e motlemotle. Wa tswa diola-molora, wa mela moriri, empa wa sala o ntso tsotse, o le feela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:7
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ho hlohonolofatseng ke tla o hlohonolofatsa, mme ho atiseng ke tla atisa moloko wa hao, o be ka ka dinaledi tsa mahodimo le lehlabathe le lebopong la lewatle, mme moloko wa hao o tla rua dikgoro tsa dira tsa wona.


Ke tswile popelong ya mme ke le feela, mme ke tla kgutlela teng ke le feela; Jehova o ne a neile, o boetse o latile: ho roriswe lebitso la Jehova.


Hobane Jehova o ikgethetse Jakobo, Iseraele a be lefa la hae.


Ha a ka a etsa jwalo bakeng sa ditjhaba tse ding kaofela, mme ha di tsebe dikahlolo tsa hae. Bokang Jehova!


O emisitse lenaka la setjhaba sa hae, a tle a roriswe ke bakgethwa ba hae kaofela, e leng bana ba Iseraele, setjhaba seo a ikatameleditseng sona. Bokang Jehova!


Mme bana ba Iseraele ba ata, ba ngatafala, ba anafala, ba natlafala haholoholo, mme naha ya Egepeta ya tlala bona.


Bana ba Iseraele ba tloha Ramsese, ba ya Sukkothe, e le banna ba maoto ba dikete tse makgolo a tsheletseng, kantle ho bana.


Empa mosadi e mong le e mong o tla kopa ho ya ahisaneng le yena, le ho eo ya ahileng le yena, mesebatsi ya silefera, le mesebetsi ya kgauta, le diaparo, le tle le apese bara ba lona le baradi ba lona ka tsona; le tla hlobodisa Baegepeta jwalo.


Matswele a hao eka mafahlana a tshephe, a fulanga hara mehaladitwe.


Nna, ke tla ba lerako, matswele a me a tla ba jwaloka ditora; ka baka leo, mahlong a hae ke tla ba jwaloka ya fumaneng kgotso.


Re na le kgaitsedi e monyenyane ya esong ho be le matswele; re tla etsang ka kgaitsedi ya rona, mohla a hopolwang?


Ke tla ithabela ho Jehova, moya wa ka o nyakalle ho Modimo wa ka, hobane o nkapesitse ka diaparo tsa poloko, o nkwahetse ka kobo ya ho loka, jwaloka monyadi ya kgabisitsweng ka moqhaka, le jwaloka monyaduwa ya itlhophisang ka mekgabo ya hae.


O tla ba moqhaka o kganyang letsohong la Jehova, le lebenyane la borena letsohong la Modimo wa hao.


Wa nka diaparo tse ding tsa hao, wa iketsetsa dinqalo tse diphahameng tse kgabisitsweng ka mebalabala, wa boka hona teng, e leng se neng se eso ho ka se etswa, se sa lokeleng le ho ba teng.


Leha e le manyaleng wohle a hao le bootsweng bohle ba hao, ha o a ka wa hopola ditshiu tsa botjha ba hao, tsa mohla o neng o le feela, o hlobotseng, o ntseng o sudubana mading a hao. Eitse hobane o qete bobe boo bohle,


Ka re ke feta ka wena, ka o bona o sudubane mading a hao, ka re ho wena: Phela, wena o leng mading a hao! Ka pheta ka re ho wena: Phela, wena o leng mading a hao.


ke se tsohe ke mo hlobodisa, ka mo tlohela a le feela jwaloka mohla a tswalwang, ka mo etsa ya kang sebataolo, a ba jwaloka lefatshe le omileng, ka ba ka mmolaya ka lenyora.


Eitse ha nako e se e atametse eo Modimo o tla phetha pallo eo o neng o e anetse Abrahama, setjhaba sa ata, sa anafala Egepeta.


Jehova, Modimo wa lona, o le atisitse, mme ke mona kajeno le le ka ka dinaledi tsa lehodimo ka bongata.


Jehova, Modimo wa bontata lona, a boele a le atise hape ha sekete ho feta kamoo le leng kateng, mme a le hlohonolofatse, jwalokaha a le boleletse.


Ke sefe setjhaba se seholo se nang le melao le ditaelo tse lokileng jwalokaha molao ona wohle oo ke o beang pela lona kajeno?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ