Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ka re ke feta ka wena, ka o bona o sudubane mading a hao, ka re ho wena: Phela, wena o leng mading a hao! Ka pheta ka re ho wena: Phela, wena o leng mading a hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 “ ‘Yare ha ke feta pela hao, ka o bona o le ditshila ke madi a hao. Ka bua le wena o ntso le madi jwalo, ka re: “Phela!” E, ka rialo ho wena o ntso le madi, ka re: “Phela!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:6
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa wena, o lahlilwe hole le lebitla la hao, jwaloka lehlomela le lebe le nyatsuwang, le jwaloka kobo ya ba bolailweng ka lerumo, ba lahlelwang lengopeng hara majwe, le jwaloka setopo se hatakelwang ka maoto.


Empa ke o beile letsohong la ba o hlorisitseng, ba neng ba re ho wena: O inamele fatshe, re tle re tsamaye hodima hao! Mme wa bea mokokotlo wa hao jwaloka eka ke mobu, le jwaloka eka ke tsela ya bafeti.


Leha e le manyaleng wohle a hao le bootsweng bohle ba hao, ha o a ka wa hopola ditshiu tsa botjha ba hao, tsa mohla o neng o le feela, o hlobotseng, o ntseng o sudubana mading a hao. Eitse hobane o qete bobe boo bohle,


Ha ho a ka ha eba motho eo leihlo la hae le o utlwetseng bohloko, ho o etsa le e nngwe ya tseo, le ho o etsetsa ka mohau; wa mpa wa lahlelwa phenyoleng; bophelo ba hao bo kgesitswe mohla o tswalwang.


Ka o atisa ka dikete, jwaloka jwang ba naha; wa hola, wa tiya, wa fihla botleng bo phethehileng; wa tswa diolamolora, moriri wa hao wa mela o le mongata; empa o ne o ntse o le feela, o hlobotse.


Eo e leng sera ho nna a ke a tadime, a apeswe ke dihlong, yena ya reng ho nna: Jehova, Modimo wa hao, o kae na? Mahlo a ka a tla kgolwa ke kotsi ya hae; jwale, o tla hatakelwa jwaloka seretse sa mmila!


Le letswai la lefatshe; empa ekare ha letswai le tapa, le ka nokwa kang? Ha le sa na mosebetsi, le se le ka mpa la lahlelwa kantle, la hatwa ke batho.


Kannetenete ke re ho lona: Nako e a tla, le jwale e se e tlile, eo bafu ba tla utlwa lentswe la Mora Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela.


Ke hlile ke bontshisitse dihloriso tsa setjhaba sa ka se Egepeta, le ho dumaduma ha bona ke ho utlwile, mme ke theohetse ho ba namolela; tloo jwale, ke o rome Egepeta.


Empa o kile wa re ho Moshe: Ke tla hauhela eo ke mo hauhelang, mme ke tla rekolohela eo ke mo rekolohelang.


Etlere ha Jehova, Modimo wa hao, a ba lelekile pela hao, o se ke wa bua pelong ya hao, wa re: Ke ka baka la ho loka ha ka Jehova a nkentseng naheng ena hore ke e rue; athe ke ka baka la bokgopo ba ditjhaba tseo Jehova a tlang ho di falatsa pela hao.


ha le bona, eo e leng ya hataketseng Mora Modimo ka maoto, ya entseng madi a selekane ao a hlatswitsweng ka wona ntho feela, ya nyefotseng Moya wa mohau, yena ho tla lekanngwa hoba o tshwanelwa ke kotlo e fetisang hakakang!


Sehatelo sa hatelwa kantle ho motse, mme ha tswa madi sehatelong, mme a phahama a ba a fihla ditomong tsa dipere, sebaka sa wona se lekane le distadia tse sekete se nang le makgolo a tsheletseng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ