Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:54 - Sesotho 1909/1961 (SO)

54 hore o tle o jare sekgobo sa hao, o hlabiswe ke dihlong ka tsohle tseo o di entseng, o ba tshedisitseng ka tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

54 e le hore o tle o jare sekgobo sa dibe tsa hao, o hlajwe ke dihlong, ka baka la tsohle tseo o di entseng ha o ne o ba tshedisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:54
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwalokaha leshodu le hlabiswa dihlong ha le tshwarwa, ntlo ya Iseraele e tla hlabiswa dihlong jwalo, yona le marena a yona, le baholo ba yona, le baprista ba yona, le baporofeta ba yona;


Ha ho le jwalo, jara sekgobo sa hao le wena, seo o neng o tswile banabeno ka sona! Ka baka la dibe tsa hao, tseo ka tsona o entseng manyala a fetang a bona, ba o feta ka ho loka. Ha ho le jwalo, hlajwa ke dihlong le wena, o jare sekgobo sa hao, ha e le mona o lokafaditse banabeno.


Ke tla ba lata kgolehong; ke tla lata baholehuwa ba Sodoma le ba baradi ba hae, le baholehuwa ba Samaria le ba baradi ba hae; le baholehuwa ba hao hammoho le ba bona;


Ngwaneno Sodoma le baradi ba hae ba tla kgutlela tulong tsa bona tsa pele; Samaria le baradi ba hae ba tla kgutlela tulong tsa bona tsa pele le bona; le wena le baradi ba hao, le tla kgutlela tulong tsa lona tsa pele.


hore o tle o hopole, o hlajwe ke dihlong, mme o se ke wa hlola o ahlamisa molomo wa hao ka baka la dihlong tsa hao, mohla ke o leballang tsohle tseo o di entseng; ho rialo Morena Jehova.


Elame le yena o teng le bongata bohle ba batho ba hae; ba teetse lebitla la hae hare. Ba bolailwe kaofela, ba dihilwe ke lerumo; ke maqai a theohetseng lefatsheng le katlase, e le ba neng ba hasa letsoso lefatsheng la ba utlwang; jwale, ba jere dihlong tsa bona hammoho le ba theohelang sehokong.


Ke kahoo Morena Jehova a reng: Erekaha le sentse ho feta ditjhaba tsa bahedene tse le teetseng hare, le sa ka la tsamaya ka dikomelo tsa ka, le ho etsa ka ditaelo tsa ka, le ho etsa le ka ditaelo tsa ditjhaba tse le teetseng hare,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ