Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:52 - Sesotho 1909/1961 (SO)

52 Ha ho le jwalo, jara sekgobo sa hao le wena, seo o neng o tswile banabeno ka sona! Ka baka la dibe tsa hao, tseo ka tsona o entseng manyala a fetang a bona, ba o feta ka ho loka. Ha ho le jwalo, hlajwa ke dihlong le wena, o jare sekgobo sa hao, ha e le mona o lokafaditse banabeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

52 Jara sekgobo sa dibe tsa hao, hobane o entse hore e ka bana beno ba lokile ho o feta. Dibe tsa hao di nyonyeha ho feta tsa bona, hoo ekang ba lokile ho o feta. Ka baka leo, swaba, o hlajwe ke dihlong, hobane o entse hore e ke ba lokile ho o feta.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:52
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Juda a di tseba, mme a re: O lokile ho fetisa nna, hobane ha ke a ka ka mo nea Shela, moraka. Yaba ha a sa pheta ho ya ho yena.


Jehova o tla busetsa madi a Joabe hloohong ya hae, hobane o bolaile batho ba babedi ba mo fetang ka ho loka le ka molemo, ntate Davida a sa tsebe; o ba bolaile ka lerumo; ke Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Iseraele, le Amasa, mora Jethere, molaodi wa makgotla a Juda.


Mme ke tla bea hodima lona sekgobo se sa feleng le nyediso e sa feleng, e se nang ho lebalwa.


Jehova a re ho nna: Iseraele mokwenehi yena o lokile ho fetisa Juda ya sa tshepehang.


Hobane ha ke se ke sokolohile, ka ikwahlaya; ha ke se ke lailwe, ka ikotla noka; ka ba le dihlong, ka swaba, hobane ke jere nyatso ya botjha ba ka.


Re hlabisitswe dihlong, hobane re utlwile nyediso; nyatso e apesitse difahleho tsa rona, hobane baditjhaba ba kene dinqalong tse halalelang tsa ntlo ya Jehova.


Ha o a ka wa tsamaya ka metsamao ya bona feela, leha e le ho etsa ka manyala a bona; teng, wa re, ho honyenyane, wa ba wa ba feta ka ho itshenya metsamaong yohle ya hao.


Jehova Morena o re: Ke a phela! Sodoma, ngwaneno, le baradi ba hae, ha ba ka ba etsa jwalokaha ho entse wena le baradi ba hao!


Ke tla ba lata kgolehong; ke tla lata baholehuwa ba Sodoma le ba baradi ba hae, le baholehuwa ba Samaria le ba baradi ba hae; le baholehuwa ba hao hammoho le ba bona;


hore o tle o jare sekgobo sa hao, o hlabiswe ke dihlong ka tsohle tseo o di entseng, o ba tshedisitseng ka tsona.


Athe mehleng ya boikgohomoso ba hao, molomo wa hao o ne o ila ho bitsa Sodoma ngwaneno;


hore o tle o hopole, o hlajwe ke dihlong, mme o se ke wa hlola o ahlamisa molomo wa hao ka baka la dihlong tsa hao, mohla ke o leballang tsohle tseo o di entseng; ho rialo Morena Jehova.


Elame le yena o teng le bongata bohle ba batho ba hae; ba teetse lebitla la hae hare. Ba bolailwe kaofela, ba dihilwe ke lerumo; ke maqai a theohetseng lefatsheng le katlase, e le ba neng ba hasa letsoso lefatsheng la ba utlwang; jwale, ba jere dihlong tsa bona hammoho le ba theohelang sehokong.


Ha nka ke ka hlola ke utlwahatsa dinyefolo tsa ditjhaba ha eno, ha o sa tla jara sekgobo sa ditjhaba, ha o sa tla kgopisa setjhaba sa heno: ho bolela Morena Jehova.


Ba tla lebala sekgobo sa bona le tshito ya bona eo ba ntshitetsweng ka yona, mohla ba ahang naheng ya bona ba iketlile, ho se ya ba tshabisang;


Ba ke ke ba atamela pela ka ho sebetsa tsa boprista ba ka le ho atamela pela dintho tsa ka tse halalelang sehalaledisisong; empa ba tla jara molato wa sekgobo sa bona le manyala a bona ao ba a entseng;


Leha e le yona, e tla iswa Assiria, e be nyehelo ho morena Jarebe (motseki). Efraime o tla hlajwa ke dihlong, Iseraele a swabe ka baka la seo a se pheheletseng.


Hape, se ahloleng, le tle le se ke la ahlolwa; le se ke la tswa, le tle le se ke la tsuwa; rekolohelang, mme le tla rekolohelwa;


Mme leha ba tsebile kahlolo ya Modimo, e reng ba etsang tse jwalo ba tshwanetse ho shwa, ho di etsa ba di etsa, ba bile ba emela ba di etsang le hona.


Empa kganya le hlompheho le kgotso di be teng ho motho ka mong ya etsang hantle, ho Mojuda pele, ho isa le ho Mogerike.


Mehleng eo, le ne le kotulang dinthong tseo le swabang ke tsona jwale? Hobane bofello ba tsona ke lefu.


A boela a re ho Davida: Wena, o mphetisa ka ho loka, hobane o nkentse hantle, athe nna ke o entse hampe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ