Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:48 - Sesotho 1909/1961 (SO)

48 Jehova Morena o re: Ke a phela! Sodoma, ngwaneno, le baradi ba hae, ha ba ka ba etsa jwalokaha ho entse wena le baradi ba hao!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

48 Ruri ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, moena wa hao Sodoma, esita le baradi ba hae, ha ba a ka ba etsa seo wena le baradi ba hao le se entseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:48
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moholwane wa hao ke Samaria hammoho le baradi ba hae, ba ahileng nqa letsohong le letshehadi ho wena; mme moenao, ya ahileng nqa letsohong le letona ho wena, ke Sodoma hammoho le baradi ba hae.


Ha o a ka wa tsamaya ka metsamao ya bona feela, leha e le ho etsa ka manyala a bona; teng, wa re, ho honyenyane, wa ba wa ba feta ka ho itshenya metsamaong yohle ya hao.


Ha ho le jwalo, jara sekgobo sa hao le wena, seo o neng o tswile banabeno ka sona! Ka baka la dibe tsa hao, tseo ka tsona o entseng manyala a fetang a bona, ba o feta ka ho loka. Ha ho le jwalo, hlajwa ke dihlong le wena, o jare sekgobo sa hao, ha e le mona o lokafaditse banabeno.


empa o entse bokgopo, o ikgantsheditse ditaelo tsa ka ho feta ditjhaba tsa bahedene, o ikgantsheditse le dikomelo tsa ka ho feta dinaha tse mo teetseng hare, hobane ba lahlile ditaelo tsa ka, mme ha ba ka ba tsamaya ka dikomelo tsa ka.


Kannete ke re ho lona: Kotlo ya ba lefatshe la Sodoma le la Gomorra e tla ba tjhatsi ho ya motse oo, ka tsatsi la kahlolo.


Bohle ba hanang ho le amohela, le ho le utlwa, ha le etswa ha bona, le hlohlore lerole le maotong a lona, e be bopaki ho bona.


Ke a le bolella hore: Ka tsatsi lela, motse oo o tla fihlelwa ke bothata bo fetisang ba Sodoma.


Ke ofe moporofeta eo bontata lona ba sa kang ba mo hlorisa? Ba bile ba bolaile le ba boletseng pele ho tla ha Ya lokileng eo le mo ekileng jwale, eo le leng babolai ba hae;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ