Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:46 - Sesotho 1909/1961 (SO)

46 Moholwane wa hao ke Samaria hammoho le baradi ba hae, ba ahileng nqa letsohong le letshehadi ho wena; mme moenao, ya ahileng nqa letsohong le letona ho wena, ke Sodoma hammoho le baradi ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

46 Moholwane wa hao ke Samaria, yena ya phelang le baradi ba hae ka leboya ho wena. Moena wa hao ke Sodoma, yena ya phelang le baradi ba hae ka borwa ho wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:46
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ho tswa morena wa Sodoma, le morena wa Gomora, le morena wa Adama, le morena wa Tseboime, le morena wa Bela, ke ho re, wa Tsoware, mme a laola makgotla a wona lehwatateng la Sidime;


E ne eitse ha Modimo o timeletsa metse ya lehwatata, Modimo wa hopola Abrahama, mme wa phonyosa Lota tshenyong eo o sentseng ka yona metse eo Lota a neng a ahile ho yona.


na nke ke ka etsa Jerusalema le medimo ya hae jwalokaha ke entse Samaria le ditshwantsho tsa hae na?


Empa baporofeteng ba Jerusalema ke bone manyala, ho feba le ho tsamaya leshanong; ba tiisa matsoho a ba babe, ba tle ba se ke ba sokoloha e mong le e mong bobeng ba hae. Ho nna kaofela ha bona ba jwaloka Sodoma, baahi ba teng ba jwaloka Gomorra.


Sebe sa moradi wa setjhaba sa ka se hlile se seholo ho feta sa Sodoma, ya kileng a dihelwa hanghang, ho se matsoho a rometsweng teng.


Yaba ke otlollela letsoho la ka hodima hao, ka fokotsa seo ke neng ke o abetse sona, ka o neela matleng a ba o hloileng, e leng baradi ba Bafilesta, ba neng ba le dihlong ka metsamao ya hao e ditshila.


Le yena Samaria, ha a ka a etsa sekoto sa dibe tsa hao; wena, o atisitse manyala a hao ho feta yena, o lokafaditse banabeno ka manyala wohle a hao ao o a entseng.


O tla hopola metsamao ya hao, o hlabiswe ke dihlong ka yona, mohla o amohelang banabeno, baholwane ba hao le baena ba hao, bao ke tla o nea bona hore e be baradi ba hao, empa e seng ka ho ya ka selekane sa hao.


Oholiba, ngwanabo, a bona hoo, mme a bodisa lerato la hae le leholo ho feta eo, a etsa bohlola bo fetang bootswa ba ngwanabo.


Mora motho, ho ne ho le basadi ba babedi, baradi ba mosadi a le mong;


Mabitso a bona, e moholo e ne e le Ohola (tente), moenae e ne e le Oholiba (tente ya ka ho yena). Ya eba ba ka, ba tswala bara le baradi; haele ka mabitso a bona, Ohola ke Samaria, Oholiba ke Jerusalema.


Baradi ba hae, ba leng naheng ya hae, ba tla bolawa ka lerumo, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


Oho! nka o lahla jwang, Efraime? Iseraele, nka o tela jwang? Nka o lahla jwang jwaloka Adma? Nka o etsa jwang jwaloka Tseboime? Pelo ya ka e fetoha ka ho nna, mehauhelo ya ka yohle e tsohile.


Iseraele, kgutlela ho Jehova, Modimo wa hao, hobane o wele ka baka la bokgopo ba hao.


Hona hohle ho tla estahala ka baka la bokwenehi ba Jakobo, le ka baka la dibe tsa ntlo ya Iseraele. Bokwenehi ba Jakobo keng? Na hase Samaria? Le nqalo tse diphahameng tsa Juda ke dife? Na hase Jerusalema?


le lefatshe lena lohle e le sebabole, le letswai, le ho tjha, le sa jallwe, le sa behe letho, ho se jwang bo melang ho lona, ho tshwana le ho ripitlwa ha Sodoma, le ha Gomorra, le ha Adma, le ha Tseboime, metse e ripitlilweng ke Jehova bohaleng ba hae le kgalefong ya hae;


Hobane morara wa bona o tswa morareng wa Sodoma le masimong a Gomorra ditholwana tsa bona ke ditholwana tse nang le mahloko, ditholwana tsa bona di a baba.


mme ha o ahlotse metse ya Sodoma le Gomora ka ho e ripitla, le ka ho e fetola molora, hore e be temoso ho ba tlang ho ba banyefodi;


Ho bile jwalo le Sodoma le Gomora, le metse e ka mathoko a teng, e neng e ineetse bootswa bo le bong, ka ho kgelohela ho batla nama esele; metse eo yohle e beilwe hore e be temoso, ha e ntse e le kotlong ya mollo o sa feleng.


Ditopo tsa tsona di tla rapalla lepatlelong la motse o moholo, o bitswang Sotoma le Egepeta ka puo ya moya, e leng moo hape Morena wa tsona a thakgisitsweng teng.


Ba re ba sa thabisa dipelo tsa bona, bonang, banna ba motse, batho ba Beliale, ba teela ntlo hare, ba raha lemati, ba bolella monna ya tsofetseng, mong a ntlo, ba re: Ntshetsa ntle monna ya fapohetseng ha hao, re tle re mo tsebe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ