Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:42 - Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Ke tla kgutsisa kgalefo ya ka jwalo, eo ke o halefetseng ka yona, mme poulelo ya ka e tla o tlohela; ke tla kgutsa, ke se ke ka hlola ke halefa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

42 Bohale ba ka ho wena bo tla kokobela, le kgalefo ya ka e kgaotse, ke kgutse, ke se hlole ke o halefela hape.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:42
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Masapo a Saule le a Jonathane mora hae, a epelwa fatsheng la Benjamine, Tsela, lebitleng la Kishe ntatae. Ha etswa kahohle kamoo ho laetsweng kateng, ke morena. Kamora tseo Modimo wa hauhela lefatshe.


Teng, Davida a hahela Jehova aletare, a mo etsetsa ditjheso le mahlabelo a teboho. Yaba Jehova o hauhela naha, mme lefu la tloha Iseraeleng.


Ka baka leo, Morena, Jehova wa makgotla, Ya matla wa Iseraele, o re: Aha! ke tla itshedisa kotsing ya ba ntwantshang, ke itefetse ho dira tsa ka;


Le nna, ke tla opa ka diatla tsa ka, ke be ke kgodise kgalefo ya ka. Ke le Jehova, ke boletse.


Mme ha ke sa tla boela ke ba patele sefahleho sa ka, kahobane etlaba ke tsholletse moya wa ka tlung ya Iseraele: ho bolela Morena Jehova.


Boraro ba lona bo tla shwa ke lefu la sewa, kapa bo timele ke tlala hona ha eno; boraro bo bong bo tla dihuwa ke lerumo mathokong a hao; mme boraro bo bong ke tla bo qhalanyetsa ka nqa tsohle, ke bo phallele ke tsomotse lerumo.


Bohale ba ka bo tla phethahala, ke tla ba imetsa ka kgalefo ya ka, ke tle ke iphetetse; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova ke buileng poulelong ya ka, mohla ke phethang kgalefo ya ka ho bona.


Lengeloi la mpitsa, la re ho nna: Bona, tse tswelang lefatsheng la Leboya di isitse bohale ba ka ka lefatsheng la Leboya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ