Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Mohla o tswalwang, ka tsatsi leo o hlahileng ka lona, mokgubu wa hao ha o a ka wa pongwa, ha o a ka wa hlatsuwa ka metsi ho o photla, ha o a ka wa fafatswa ka letswai, ha o a ka wa phuthelwa maseleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Tsa tswalo ya hao di bile tjena: Mohla o neng o hlaha, kalana ya hao ha e a ka ya kgaolwa; ha o a ka wa hlatsuwa ka metsi hore o hlweke; ha o a ka wa pikitlwa ka letswai, leha e le hona ho phuthelwa ka masela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:4
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o re ho Abrame: Tseba hoba ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng eo e seng ya bona, mme e tla ba bahlanka, mme ba tla tujwa ka dilemo tse makgolo a mane.


Bona, Jehova, o tadime eo o mo entseng jwalo. Ho jwang, ha basadi ba ile ba eja ditholwana tsa bona, bana bao ba bileng ba ba emara? Keng, ha ho ile ha bolawa moprista le moporofeta sehalalelong sa Morena na?


O bitsitse matsoso a ka ka nqa tsohle, jwaloka hoja ke tsatsi la mokete; ha ho a ka ha eba mophonyohi, leha e le lesiela, tsatsing la kgalefo ya Jehova! bao ke neng ke ba babaletse, ke ba hodisitseng, sera se ba fedisitse.


Ere: Morena Jehova o re ho Jerusalema: O hlahile, mme o tswaletswe naheng ya Kanana; ntatao e ne e le Moamore, mmao e le Mohethe.


Ba ntlo ya Iseraele ba mpa ba ikgantshetsa nna ba le nahathothe; ha ba ka ba tsamaya ka dikomelo tsa ka, ba nna ba lahla melao ya ka eo motho ya e etsang a ka phelang ke yona; ba silafatsa disabbatha tsa ka hampe, ka ba ka re, ke tla ba tshollela kgalefo ya ka nahathothe, hore ke ba timeletse.


Ba mpa ba ikgantshetsa nna, ba hana ho nkutlwa; ha ho e mong ho bona ya kileng a lahla diila tse kapele ho mahlo a hae, leha e le ho furalla ditshwantsho tsa Egepeta, mme ka re, ke tla ba tshollela kgalefo ya ka, ke tle ke phethise bohale ba ka hodima bona naheng ya Egepeta.


ke se tsohe ke mo hlobodisa, ka mo tlohela a le feela jwaloka mohla a tswalwang, ka mo etsa ya kang sebataolo, a ba jwaloka lefatshe le omileng, ka ba ka mmolaya ka lenyora.


hobane mma bona ke mofebi, ya ba belehileng o entse tse dihlong; hobane o itse: Ke tla latela dinyatsi tsa ka, e leng tsona tse nneang bohobe ba ka le metsi a ka, le boya ba nku, le lene, le ole, le seno.


Seo e tla ba pontsho ho lona, le tla fihlela lesea le phuthetsweng, le robaditsweng sejelong.


a beleha mora wa hae wa letsibolo; a mo phuthela maseleng, mme a mo robatsa sejelong, kahobane ho ne ho se sebaka sa bona tlung ya baeti.


O tla hopola hobane o bile mofo naheng ya Egepeta le hobane o lopolotswe teng ke Jehova, Modimo wa hao; ke ka baka leo ke o laelang hoo kajeno.


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


Joshua a re ho setjhaba kaofela: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: mehleng ya boholo-holo, bontata lona ba ne ba ahile mose wane ho noka, e le Tera, ntata Abrahama le Nakore; ba ne ba sebeletsa medimo esele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ