Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ere: Morena Jehova o re ho Jerusalema: O hlahile, mme o tswaletswe naheng ya Kanana; ntatao e ne e le Moamore, mmao e le Mohethe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 o re: ‘Morena Modimo o bua tjena ho Jerusalema: Moo o hlahetseng teng, moo o tswaletsweng teng, ke naheng ya Kanana. Ntatao e ne e le Moamore, mmao yena e le Mohete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:3
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mme Nakore eitse hobane a tswale Tera, a phela dilemo tse lekgolo le leshome le metso e robileng mono o le mong; mme a tswala bara le baradi.


Abrame le Nakore ba inkela basadi; lebitso la mosadi wa Abrame e le Sarai, lebitso la mosadi wa Nakore e le Milka, moradi wa Harane, ntata Milka le Jiska.


Empa bona ba tla kgutlela kwano ka leloko la bone, hobane ho fihlela moo, bokgopo jwa Baamore bo ya be bo eso ho tlale.


A etsa manyala a maholo ka ho latela medimo, ka mekgwa yohle e entsweng ke Baamore, bao Jehova a neng a ba lelekile pela bana ba Iseraele.


Ekare ha Manasse, morena wa Juda, a entse manyala ao; erekaha a entse hampe ho fetisa le tsohle tse entsweng pele ke Baamore; erekaha a kgelositse le Juda ka ditshwantsho tsa hae,


Taba tseo hobane di fele, dihlooho tsa atamela ho nna, tsa re: Setjhaba sa Iseraele le baprista le Balevi ha ba ka ba ikgetha ho ditjhaba tse dinaheng tse ka mathoko, ba mpa ba entse ka manyala a tsona, e leng Bakanana, le Bahethe, le Baferese, le Bajebuse, le Baammone, le Bamoabe, le Baegepeta, le Baamore.


Ke wena Jehova, Modimo o neng o kgethe Abrahama; wa mo falatsa Ure ya Bakalde, wa mo rea lebitso la Abrahama.


Marena a Sodoma, utlwang lentswe la Jehova, le sekehele molao wa Modimo wa rona ditsebe, lona tjhaba sa Gomorra!


Ntatao moholo o sitilwe, baruti ba hao ba ikgantsheditse nna.


Mora motho, bolella Jerusalema manyala a hae!


Mohla o tswalwang, ka tsatsi leo o hlahileng ka lona, mokgubu wa hao ha o a ka wa pongwa, ha o a ka wa hlatsuwa ka metsi ho o photla, ha o a ka wa fafatswa ka letswai, ha o a ka wa phuthelwa maseleng.


O moradi wa mmao, ya neng a qene monna wa hae le bara ba hae; o ngwanabo banabeno, ba neng ba qene banna ba bona le bara ba bona. Mma lona e ne e le Mohethe, ntata lona yena e le Maomore.


Busetsa lerumo selateng sa lona! Ke tla o ahlola nqalong eo o bopileng ho yona, lefatsheng leo o hlahileng ho lona,


Ka baka leo, ke re ho wena: Kotlo ya lefatshe la Sodoma e tla ba tjhatsi ho ya hao ka tsatsi la kahlolo.


Empa, yare ha a bona bafarisi le basaddusi ba bangata ba tla kolobetsong ya hae, a ba bolella, a re: Madinyane a marabe, le tshositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?


O ne a re ho matshwele a tswelang ho kolobetswa ke yena: Madinyane a marabe, le tshositswe ke mang ho balehela bohale bo tlang?


Lona, le tswa ho ntata lona, e leng Diabolose, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena ke mmolai haesale ho qaleng; ha a dule nneteng hobane ha ho nnete ho yena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke yena ya leshano, le ntate wa ya leshano.


Le rona bohle, pele, re ne re tsamaya le bona ditakatsong tsa nama ya rona, re ntse re etsa ho ratwang ke nama le ke mehopolo ya rona; mme ka ho hlaha ha rona re ne re le bana ba bohale, jwaloka ba bang.


o mpe o ba neele anathema e leng Bahethe, le Baamore, le Bakanana, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a o laetse;


Etlere ha Jehova, Modimo wa hao, a se a o kentse lefatsheng leo o yang ho le rua, mme a se a faladitse ditjhaba tse ngata pela hao, Bahethe, le Bagirgashe, le Baamore, le Bakanana, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse, tjhaba tse supileng tse o fetang ka bongata le ka matla,


Hape ke naha ya Baavve ka nqa borwa, le lefatshe lohle la Bakanana, le Meara eo e leng wa Basidone, ho isa Afeke, le moeding wa Baamore.


Ha ho le jwalo, tshabang Jehova jwale, le mo sebeletse ka sebele le ka nnete; le lahle medimo eo bontata lona ba ileng ba e sebeletsa mose wane ho noka, le Egepeta, mme le sebeletse Jehova.


Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Modimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ya sa etseng ho lokileng hase wa Modimo, leha e le ya sa rateng ngwanabo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ