Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 O bokile le bana ba Egepeta ba ahisaneng le wena, ba dinama di tiileng, mme wa atisa bootswa ba hao, hore o tle o nkgalefise.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 O bile o entse bootswa le Baegepeta ba ahisaneng le wena, ba tletseng ditakatso tsa nama, wa totisa bootswa bona ba hao, mme wa nkgalefisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:26
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a imamela jwalo, a ntoo etsa manamane a mabedi a kgauta a re ho setjhaba: Le ile halelele Jerusalema; Baiseraele, medimo ya lona ke ena, e le nyolotseng naheng ya Egepeta.


Yena a a amohela matsohong a bona, a seta kgauta ka moseto, mme a etsa namane e tsholotsweng. Ba re: Oho Iseraele, modimo wa hao ke oo, o o ntshitseng fatsheng la Egepeta!


Ditsebe tsa hao di tla utlwa lentswe kamora hao, le reng: Tsela ke yona ena, tsamayang ho yona, esere la ya ka ho le letona, kapa ka ho le letshehadi.


Ho itswe: Ekareha monna a hlala mosadi wa hae, mme mosadi eo a tloha ho yena, a ya nyalwa ke monna e mong, na monna eo a ka boelana le yena? Ha ke re, naha e ka silafala hohle ka ho jwalo? Haele wena, o nnile wa ineela bofebe le dinyatsi tsa hao tse ngata, mme o ne o tla boela ho nna na? ho bolela Jehova.


ba ya ba etsa bohlola Egepeta; botjheng ba bona ba etsa bohlola; teng, ha toboketswa matswele a bona, ha phollwa difuba tsa bona e sa le dikgarebe.


Ka ho etsa jwalo, ha a ka a hloboha le bohlola boo a neng a bo entse le Baegepeta, mohla ba neng ba robale le yena botjheng ba hae, ha ba ne ba pholla matswele a hae e sa le kgarebe, ba mo tshollela bootswa ba bona.


Yaba ke a kena; eitse ha ke tadima, ka bona ditshwantsho tse ngata tsa dihahabi le tsa diphoofolo tse ilwang, le ditshwantsho tsohle tsa ntlo ya Iseraele di tshwantshitswe lerakong, ho le pota ka nqa tsohle.


A ntoo nkisa monyako wa ntlo ya Jehova o lebileng nqa leboya, mme ka bona basadi ba dutse teng, ba llela Tammuse.


A re ho nna: Mora motho, na o bone na? Na ke ntho e nyenyane hore ba ntlo ya Juda ba etse manyala a etswang ke bona mona, haele moo ba tlatsitse lefatshe ka bothata, mme ba ntse ba nkgalefisa na? O ka bona, ba isa lekala la morara dinkong tsa bona.


Ka baka la ho dutla ha hae o sesila; leha mmele wa hae o keleketlisa ho dutla hoo ha hae, kapa a ho thibela, o sesila.


Ha ho le jwalo, tshabang Jehova jwale, le mo sebeletse ka sebele le ka nnete; le lahle medimo eo bontata lona ba ileng ba e sebeletsa mose wane ho noka, le Egepeta, mme le sebeletse Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ