Hape, motseng o mong le o mong wa Juda, a etsa dinqalo tse diphahameng, hore a tjhesetse medimo esele dibano; mme kahoo a halefisa Jehova, Modimo wa bontatae.
Hobane wena Juda, palo ya medimo ya hao e ka ka ya metse ya hao; palo ya dialetare tse dihlong, e leng dialetare tsa ho tjhesetsa Baale dibano, e lekana palo ya diterata tsa Jerusalema.
Thaba ya ka le masimo a yona, leruo la hao le matlotlo a hao kaofela, ke tla di neela kgapo, le tsona dinqalo tse diphahameng tsa hao, ka baka la sebe sa hao se meeding ya hao kaofela.
Hobane e se e le kgale o robile joko ya hao, o lokolotse ditlamo tsa hao, wa re: Ha ke sa tla sebeletsa. Ke moo o ineetseng bootswa marallaneng wohle a phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku.
Emisetsa mahlo a hao marallaneng, o tadime; ke ha e le kae moo o sa kang wa feba teng na? O ne o ntse o ba duletse ditseleng jwaloka Moarabe ya lefeelleng, mme wa silafatsa lefatshe ka bootswa ba hao le ka bolotsana ba hao.
wa ya haha moaho wa hao o sedikwadikwe makopanong wohle a ditsela, wa etsa dinqalo tse diphahameng tsa hao mapatlelong wohle; o mpa o sa ka wa tshwana le seotswa kahohle, etswe o ne o kgesa moputso;
Ke tla o neela bona matsohong; ba tla diha meaho ya hao e didikwadikwe, ba heletse dinqalo tse diphahameng tsa hao; ba tla o hlobodisa diaparo, ba nke mekgabo ya hao, ba o tlohele hona moo, o le feela, o hlobotse.
Ke tla senya nqalo tsa lona tse diphahameng; ke tla diha ditshiya tsa lona tsa letsatsi, ke felahanye ditopo tsa lona hodima medimo ya lona ya ditshwantsho, mme moya wa ka o tla be o tenwe ke lona.