Bofebe ba hao le ditakatso tsa hao tse dumang, bootswa bo tlodisang ba hao ke bo bone dithabeng le dithoteng; ke bone manyala a hao! Jo! wena Jerusalema, ha o ka ke wa ntlafala ho isa ho le hokae!
o re: Morena Jehova o re: Ho madimabe ba rokang mesangwana ya ho apesa dinoko tsohle tsa letsoho, ba etsang mesamelo ya dihlooho tse boholo bofe le bofe, hore ho tshwaswe meya ya batho. Na le re, le ka tshwasa meya ya ba setjhaba sa ka, le ntse le pholositse meya ya lona na?
Leha e le manyaleng wohle a hao le bootsweng bohle ba hao, ha o a ka wa hopola ditshiu tsa botjha ba hao, tsa mohla o neng o le feela, o hlobotseng, o ntseng o sudubana mading a hao. Eitse hobane o qete bobe boo bohle,
Ho madimabe wena, Korasine! ho madimabe wena, Bethsaida! hobane mehlolo e entsweng ha eno, hola ya be e entswe Tire le Sidone, metse eo e ka be e bakile kgale, ka masela a mahwashe le ka molora.
Thabang ke hona, mahodimo, le lona ba ahileng teng. Ho madimabe lona ba ahileng lefatsheng le lewatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lona a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ya hae ha e sa le ekae.
Jwale, ka bona, ka ba ka utlwa ntsu e nngwe e fofang sebakeng sa lehodimo, e re ka lentswe le phahamileng: Ho madimabe, ho madimabe, ho madimabe ba ahileng lefatsheng, ka baka la mantswe a sa setseng a diterompeta tsa mangeloi a mararo a sa tlang ho di letsa!