Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Wa nka le diaparo tsa hao tse homilweng ho di apesa ka tsona, wa bea ole ya ka le dibano tsa ka pela tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Wa nka diaparo tsa hao tse homilweng, wa e apesa tsona, wa e nyehella ka ole ya ka le ka mokubetso wa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:18
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla bolela dikahlolo tsa ka hodima bolotsana bohle ba bona, hobane ba hlile ba ntlohoboha, ba ntse ba tjhesetsa medimo esele dibano, mme ba kgumamela mesebetsi ya matsoho a bona.


ha ho ne ho ka ba teng ho lona banna bao ba bararo, Nowe, le Daniele, le Jobo, haele bona, ba ne ba tla namolela meya ya bona, ka ho loka ha bona; ho rialo Morena Jehova.


Ka o apesa ka diaparo tse homilweng, mme ka o rwesa dieta tsa qibi; ka o rwesa lene e ntle hloohong, ka o apesa ka sei.


Wa nka mekgabo ya hao, e entsweng ka kgauta ya ka le ka silefera ya ka, eo ke neng ke o neile yona, wa iketsetsa ditshwantsho tsa banna, wa boka le tsona.


Le tsona dijo tsa ka tseo ke neng ke o neile tsona, e le lefi la phofo, le ole, le dinotshi tseo ke neng ke o fepa ka tsona, wa di bea pela tsona ho di etsa monko o monate. Ha eba jwalo: ho rialo Morena Jehova.


wa ba wa dula malaong a bokgabane, ao pela wona ho neng ho beilwe tafole moo o beileng dibano tsa ka le ole ya ka.


Baarame ba ne ba hweba le wena ho reka mesebetsi ya hao e mengata, ba ananya tsa hao ka karbunkele, le sekarelata, le masela a homilweng, le lene, le dikorale, le dirubise.


O tla phallela dinyatsi tsa hae, empa a ke ke a di fihlela; o tla di batlisisa, empa a ke ke a di fumana. Ke moo a tla re: Ke tla ya, ke kgutlele ho monna wa ka wa pele, hobane ke ne ke iketla mohlang oo ho fetisa jwale.


E kae medimo e neng e eja mafura a mahlabelo a bona, e neng e enwa veine ya ditshelo tsa bona? A e eme, e le thuse, e be setshabelo sa lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ