Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Wa ikgabisa ka kgauta le silefera; diaparo tsa hao ya eba tsa lene e ntle, le tsa sei, le tse homilweng. Wa nna wa ja lefi la phofo, le dinotshi, le ole; wa ba motle ka ho fetisisa, wa ba wa fihla boreneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Kahoo o no tlatlapetse mekgabiso ya kgauta le ya silefera, diaparo tsa hao e le tsa lene e ntle le tsa sileka e homilweng. Dijo tsa hao e ne e le tsa phofo e thumisehileng, le mahe a dinotshi le ole. Wa ba motle ka ho fetisisa, wa atleha, wa ba wa ba mofumahadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:13
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla o atisetsa bana haholoholo, ke o etse ditjhaba, mme marena a tswe ho wena.


Davida ya eba morena wa Baiseraele bohle, mme Davida a etsa setjhaba sohle ka ho loka le ka bokgabane.


Salomone a busa mebuso yohle ho tloha nokeng, ho ya fihla naheng ya Bafilesta, le ho ya moeding wa Egepeta; bohle ba ne ba tlisetsa Salomone dinyehelo, ba mo sebeletsa ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae.


hape, Jerusalema ke motse o nnileng wa buswa ke marena a matla a neng a busa naha yohle e mose wane ho noka, ao lekgetho le sethabathaba le kabelo di neng di ntshetswa wona.


Ba re fetotse, ba itse: Re bahlanka ba Modimo wa mahodimo le lefatshe, mme re tsosa ntlo e neng e hahuwe kgale, ho se ho le dilemo tse ngata, e na beng e hahilwe, ya ba ya phethwa ke morena e moholo e mong wa Iseraele.


ha maoto a ka a ne a hlatsweha lebeseng, mme lefika le ne le ntswela melatswana ya ole.


O bea kgotso meeding ya hao, o o kgorisa ka moko wa koro.


Thaba ya Sione e phahame ka botle, ke thabo ya lefatshe lohle; moo e hlanamelang leboya ke motse wa Morena e moholo.


Sione, botleng bo phethehileng, Modimo o bonahatsa kganya ya wona;


Ke ne nka ba fepa ka lefi la phofo, ke na nka ba kgorisa ka dinotshi tsa mafika!


Ntlo ya rona e halalelang e kganyang, moo bontata rona ba binneng dithoko tsa hao teng, e tjhele ke mollo; tsohle tseo re neng re di rata di senyehile.


Emisa mahlo a hao, o tadime ba tswang nqa leboya. O kae mohlape oo o neng o o neilwe, mohlape wa letlotlo la hao?


Bohle ba fetang ka tsela ba opa ka diatla bakeng sa hao, ba soma, ba sisinya dihlooho bakeng sa moradi wa Jerusalema, ba re: A ke oo motse oo ba neng ba o bitsa botle bo phethehileng, thabo ya lefatshe lohle?


Ka o apesa ka diaparo tse homilweng, mme ka o rwesa dieta tsa qibi; ka o rwesa lene e ntle hloohong, ka o apesa ka sei.


Wa nka mekgabo ya hao, e entsweng ka kgauta ya ka le ka silefera ya ka, eo ke neng ke o neile yona, wa iketsetsa ditshwantsho tsa banna, wa boka le tsona.


Le tsona dijo tsa ka tseo ke neng ke o neile tsona, e le lefi la phofo, le ole, le dinotshi tseo ke neng ke o fepa ka tsona, wa di bea pela tsona ho di etsa monko o monate. Ha eba jwalo: ho rialo Morena Jehova.


Hapehape ba rometse ho lata batho ba tswang hole; mme ka lenqosa e neng le rometswe ho bona, ba fela ba tla. O itlhatsweditse bona, o takile mahlo a hao, o ikgabisitse ka baka la bona;


Baarame ba ne ba hweba le wena ho reka mesebetsi ya hao e mengata, ba ananya tsa hao ka karbunkele, le sekarelata, le masela a homilweng, le lene, le dikorale, le dirubise.


hobane mma bona ke mofebi, ya ba belehileng o entse tse dihlong; hobane o itse: Ke tla latela dinyatsi tsa ka, e leng tsona tse nneang bohobe ba ka le metsi a ka, le boya ba nku, le lene, le ole, le seno.


lefatshe la koro, la harese, la merara, la difeiye, la digaranata, lefatshe la mehlwaare e nang le ole, le la dinotshi,


Yaba Samuele o nka lenaka la ole, a le tshollela hloohong ya hae, a mo aka, a re: Ha ke re, Jehova o o tlotseditse hore o be modisa wa setjhaba sa lefa la hae na?


Le mohla le boneng Nahashe, morena wa bana ba Ammone, a etla a hlometse, la re ho nna: Tjhe, e ka kgona re buswe ke morena; athe Jehova, Modimo wa lona, e ne e le yena morena wa lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ