Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 16:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba lentswe la Modimo le ntlela, la re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 16:1
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho loka ho hodisa setjhaba; empa bokgopo bo se apesa ka nyediso.


Na motse o tshepehileng o fetohile jwang seotswa? O ne o tletse toka, ho loka ho ne ho ahile ho wona, empa jwale o tletse babolai.


O ka bolela jwang, wa re: Ha ke a ka ka itshilifatsa, ha ke a ka ka latela boBaale? Shadima tsela ya hao phuleng, o tle o itsebele seo o se entseng, wena sethole se lebelo sa kamele se mathang mane le mane!


O mekeletsang ka baka la letetetso la hao? Leqeba la hao ha le na ho fola. Ke o entse tseo ka baka la bongata ba makgopo a hao, hobane dibe tsa hao di anafetse.


Haele lefatshe, ke tla le senya, hobane ba entse bolotsana; ho rialo Morena Jehova.


Mora motho, bolella Jerusalema manyala a hae!


A re ho nna: Mora motho, ke o romela ho bana ba Iseraele, tjhaba tseo tse manganga, tse ikgantsheditseng nna; bona le bontata bona ba ikgantsheditse nna ho tla fihla tsatsing lona lena.


Wena mora motho, ana o tla ahlola, ana o tla ahlola motse wa madi? O tsebise manyala wohle a wona,


e le bara ba Babilona le Bakalde kaofela, mahosana, le baholo, le marenana, ba tle le bana ba Assiria bohle, e le bahlankana ba ratehang kaofela ha bona, babusisi le mahosana, bahlabani le banna ba lekgotla, ba palamile dipere bohle.


Mohla Jehova a qalang ho bua le Hosea, a re ho yena: Eya, o inkele mosadi wa mofebi le bana ba bofebe, hobane lefatshe le feba ka ho tlohela Jehova.


Setjhaba sa ka se botsa sefate sa sona, mme thupa ya sona e a se eletsa, hobane moya wa bofebe o a ba kgelosa, ba feba ka ho itokolla ho Modimo wa bona.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Juda — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba nyedisitse molao wa Jehova, ba sa ka ba boloka ditaelo tsa hae, ba mpa ba kgeloswa ke mashano a bona ao bontata bona moholo ba ileng ka wona;


Mme bonang, ha emiswa lekapa la loto le e kwalang, mme ha hlaha mosadi ya dutseng kahara efa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ