Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 15:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Jwalokaha sefate sa morara se le hara difate tse morung, seo ke se akgelang mollong ho ba patsi, ke entse jwalo ka ba ahileng Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 “Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Fate sa morara hara difate tsa moru, mosebetsi wa sona ke ho besa mollo; le baahi ba Jerusalema ba tla ba jwalo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 15:6
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Makala a teng ha a oma, a tla rojwa, basadi ba tla tla, ba a bese; hobane ke setjhaba se sa hlalefang; ka baka leo, ya se entseng a ke ke a se hauhela, ya se bopileng a ke ke a se rekolohela.


Kamora tseo, ho bolela Jehova, yena Tsedekia, morena wa Juda, le bahlanka ba hae, le setjhaba, le ba siilweng motseng ona ke lefu la sewa, le ke lerumo, le ke tlala, ke tla ba neela matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona le matsohong a bao e leng dira ho bona, le matsohong a ba batlang bophelo ba bona; o tla ba otla ka bohale ba lerumo, a sa ba hauhele, a sa ba qenehele, a sa ba rekolohele.


e leng Jerusalema, le metse ya Juda, le marena a teng, le baholo ba teng, ho ba etsetsa tshenyeho le makatso, le sesomo, le thohako, jwalokaha ho le jwalo kajeno;


Tau e tswile letsabeng la yona, mosenyi wa ditjhaba o futuhile, o tswile nqalong ya hae ho senya lefatshe la hao, metse ya hao e tle e ripitlwe, e be e hloke moahi.


Ka baka leo, ho itswe ke Morena Jehova: Bonang, bohale ba ka le kgalefo ya ka e tla tshollelwa nqalo ena, le batho, le dikgomo, le difate tsa naha, le ditholwana tsa naha; e tla nne e tjhese, e sa tingwe.


Mora motho, sefate sa morara se feta difate tsohle tse ding kang, ke bolela lekala la morara le medileng hara difate tsa moru?


Bonang, morara o ye o akgelwe mollong e le patsi; mollo o tjhese dintlha tse pedi tsa wona, bohareng ho fuswe. Na lehong leo le loketse mosebetsi na?


O ka bona, ha esita leha le ne le sa le kaofela ha lona, ho ne ho ke ke ha sebetswa mosebetsi ofe kapa ofe ka lona, haholo jwale, ha mollo o se o le fedisitse, le bile le tlabohile, ho ka sebetswa mosebetsi ofe ka lona?


Ke tla ba tonela mahlo; ba tla tswa mollong o mong, mme o mong mollo o tla ba fedisa, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova, ha ba mpona ke ba tonetse mahlo.


Leha ho le jwalo, mantswe a ka le dikahlolo tsa ka tseo ke neng ke di laetse bahlanka ba ka, baporofeta, na ha di a ka tsa fihlela bontata lona? Ba ba ba kgutla, ba re: Kamoo Jehova wa makgotla a neng a hopotse ho re etsa kateng, e leng ka metsamao ya rona le ka diketso tsa rona, o fela a re entse jwalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ