Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 15:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Mora motho, sefate sa morara se feta difate tsohle tse ding kang, ke bolela lekala la morara le medileng hara difate tsa moru?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 “Wena ngwana motho, fate sa morara se feta fate tse ding kang? Kala la wona le feta la fate tsa moru jwang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 15:2
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Sefate sa feiye se se se bonahatsa ditholwana tse tala tsa sona, merara e thuntseng e arubetsa ka monko o monate wa tsona. Raoha, thatohatsi e ntle ya ka, tloha mona, o tle!


Le re tsomeleng diphokojwe le diphokojwana tsa tsona tse senyang masimo a merara, hobane merara ya rona e thuntse.


Ke theohetse serapeng sa difate tsa diperekisi, ho lekola botala bo botjha ba phula, ho bona merara ha e se e fina masihla, le kharanata ha e se e thunya.


Meso ha e etla, re tla ya dirapeng tsa merara, re be re bone ha merara e mela, ha e se e fina masihla a yona, ha difate tsa kharanata di thuntse; teng ke tla o bontsha lerato la me.


Mahodimo, nyakallang ka difela, hobane Jehova o sebeditse; le lona matebo a lefatshe hlabang ditlatse. Dithaba a di ke di dume ka mehoo ya thabo, le meru le difate tsa yona, hobane Jehova o lopolotse Jakobo, mme o bonahaditse kganya ya hae Iseraeleng.


Athe nna, ke na be ke o hlomile o le morara o fetisang ka molemo, wa mofuta wa sebelebele; o mpa o iphetotse jwang ho nna morara wa mofuta osele?


Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:


Na ho tla nkwa lehong ho wona morara ho etsa mosebetsi ka lona na? Kapa, na motho o tla nka thakgisa ho wona ho fanyeha ntho efe kapa efe ho yona?


Empa o ne o fotholwe ka kgalefo, wa dihelwa fatshe, moya wa botjhabela wa pontsha ditholwana tsa wona; makala a matla a wona a rojwa, a omella; mollo wa a qeta.


Iseraele ke morara o holang haholo, tholwana tsa wona di o lekane. Ditholwana tsa hae ha di ntse di eketseha, ke moo a ntseng a ketsa ho haha dialetare; kahobane naha ya hae e ntle, o eketsa ho etsa ditshwantsho tse ntle.


Ka baka leo, ka molato wa lona, Sione o tla lengwa jwaloka tshimo, Jerusalema a fetohe diqubu tsa majwe, le thaba ya ntlo ya Jehova e fetohe thaba ya meru.


Bokolla, kiprese, hobane kedare e wele, hobane difate tse phahamileng di sentswe. Bokollang, lona dieike tsa Bashane, hobane moru o sa kenweng o dihilwe!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ