Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 14:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ha ho le jwalo, o bue le bona, o re ho bona: Morena Jehova o re: Leha e ka ba mang wa ntlo ya Iseraele ya kgomaretseng ditshwantsho tsa hae ka pelo ya hae, ya beileng lebaka la kgopiso la bokgopo maloka le yena, ha a etla ho moporofeta, nna ke leng Jehova, ke tla mo arabela ka bongata ba ditshwantsho tsa hae;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 “Ka lebaka lena, bua le bona, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ha Moiseraele ofe kapa ofe ya rapelang modingwana wa bohata ka pelong ya hae, ya beang sekgopi sa dibe tsa hae kapele ho sefahleho sa hae, a etla ho moporofeta, ke nna Morena ya tla mo arabela, ho latela bongata ba medingwana ya hae ya bohata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 14:4
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re ho yena: Jehova o re: Erekaha o rometse manqosa ho botsa Baale-Sebube, modimo wa Ekrone, jwaloka eka ha ho Modimo Iseraeleng, oo o ka botsang taba ho wona, ka baka leo, ha o ka ke wa theoha malaong ana o robetseng ho wona, empa o tla shwa ruri.


Ho madimabe molotsana, o dutse hampe; hobane o tla newa moputso wa mesebetsi ya matsoho a hae.


le nna ke tla kgetha kotlo tsa bona, ke ba hlahisetse seo ba se tshabang; hobane ke bitsitse, mme ha ho ya arabileng; ke boletse, mme ha ba ka ba mamela, empa ba entse ho leng hobe mahlong a ka, ba ikgethetse seo ke sa se rateng.


Mora motho, banna bana ba kgomaretse ditshwantsho tsa bona ka dipelo tsa bona, ba beile lebaka la kgopiso la bokgopo ba bona maloka le bona: Hleka nka dumela ho botswa ke bona na?


Ha ho le jwalo, ere ho ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Sokolohang, le lahle ditshwantsho tsa lona, le lahle le manyala wohle a lona;


hobane leha e ka ba mang le mang wa ntlo ya Iseraele, kapa wa ba ditjhaba ba jakileng Iseraeleng, ya kgaohanang le nna, ya kgomarelang ditshwantsho tsa hae ka pelo ya hae, ya beang lebaka la kgopiso la bokgopo maloka le yena, a ntoo tla ho moporofeta ho mpotsa ka yena, nna Jehova, ke nna ke tla mo arabela.


O mpe o ba bolelle mantswe a ka, leha ba ka mamela, leha ho se jwalo, etswe e le bahanyetsi.


A boela a re ho nna: Mora motho, tsamaya, o ye ho ba ntlo ya Iseraele, o bue le bona ka mantswe a ka;


Hobane ba kile ba ba etsetsa tshebeletso ya ditshwantsho tsa bona, ya eba kgopiso ya bokgopo ho ntlo ya Iseraele; ka baka leo, nkile ka ba emisetsa letsoho la ka, ho bolela Morena Jehova, mme ba tla jara bokgopo ba bona.


Ke ya tlosa batho le diphoofolo, ke tlose dinonyana tsa lehodimo le dihlapi tsa lewatle, le dikgopiso hammoho le ba bolotsana, ke be ke timeletse batho hodima lefatshe, ho bolela Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ