Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 14:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Hobane Morena Jehova o re: Etlare hobane ke neele dikahlolo tsena tsa ka tse mpe tse nne, e leng lerumo, le tlala, le dilalome tse bohale, le lefu la sewa, ho wela Jerusalema, hore ho kgaolwe batho le dikgomo teng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 “Morena Modimo o bua tjena: Ho tla tshabeha hakaakang Jerusalema ha ke e romela dikotlo tsa ka tse nne, e leng sabole, sekoboto, dibatana le lefu la sewa, ho bolaya baahi ba naha eo le diphoofolo tsa yona!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 14:21
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Gade ha a fihla ho Davida, a mo tsebisa, a re ho yena: Hleka o re, o tlelwe ke tlala ka dilemo tse supileng naheng ya hao; kapa o re, o tla baleha ka kgwedi tse tharo pela dira tsa hao, di ntse di o lelekisa; kapa o re, ho tle lefu la sewa naheng ya hao ka tshiu tse tharo na? Ikgethele jwale, o bone hore na ke tla busetsa taba efe ho ya nthomileng.


O hlahetswe ke kotsi tse pedi; o tla tshediswa ke mang? Tshenyeho le lesupi, tlala le lerumo: ke tla o tshedisa jwang?


Setjhaba, kapa mmuso ha o ke ke wa ipea ho Nebukadnesare, morena wa Babilona, leha e le ho neela molala wa wona jokong ya morena wa Babilona, ke tla kgalemela setjhaba seo ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu la sewa, ho bolela Jehova, ke tle ke be ke se timetse ka letsoho la hae.


Bonang, ditutudu di se di fihlisitswe pela motse ho o kena, mme motse o ya neelwa matsohong a Bakalde ba o lwantshang, o hlotswe ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa; seo o se boletseng se se se etsahetse, wa se bona.


Ke mpa ke tla phonyosa batho ba seng bakae ba bona lerumong le tlaleng le lefung la sewa, hore ba tle ba qaqise manyala wohle a bona ditjhabeng tseo ba fihletseng ho tsona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


Mora motho, ha lefatshe le itseng le ne le ka ntshitelwa ka ho tlola, mme ka le otlollela letsoho, ha ke ne nka le robela kotlo ya bohobe, ka le romela tlala, ka kgaola batho le dikgomo ho lona,


Leha ke be nka tlisa dilalome tse bohale lefatsheng lena, tsa timetsa batho ba lona, la tla la senyeha ka baka la dibatana, motho a ba a sitwa ho feta ka lona,


Leha ke be nka tlisa lerumo lefatsheng lena, ka re: Lerumo a le ke le tsamaye le lefatshe, ka ba ka kgaola batho le dikgomo teng,


Leha ke be nka neela lefatshe lena lefu la sewa, ka le tshollela kgalefo ya ka ho fihlela madi a tsholoha, hore ke tle ke kgaole batho le dikgomo teng,


Nowe, Daniele le Jobo ba ntse ba le ho lona, ka nna ya phelang, ho rialo Morena Jehova, ba ne ba ke ke ba namolela bara le baradi ba bona; haele bona, ba ne ba tla namolela meya ya bona ka ho loka ha bona.


Ere ho bona: Morena Jehova o re: Ke a phela! ba dithakong ba tla dihuwa ke lerumo; ba naheng ke tla ba nea dibatana, e be dijo tsa tsona; ba diqhobong le mahaheng ba tla shwa ke lefu la sewa.


Boraro ba lona bo tla shwa ke lefu la sewa, kapa bo timele ke tlala hona ha eno; boraro bo bong bo tla dihuwa ke lerumo mathokong a hao; mme boraro bo bong ke tla bo qhalanyetsa ka nqa tsohle, ke bo phallele ke tsomotse lerumo.


Bohale ba ka bo tla phethahala, ke tla ba imetsa ka kgalefo ya ka, ke tle ke iphetetse; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova ke buileng poulelong ya ka, mohla ke phethang kgalefo ya ka ho bona.


ke le romele le tlala le dilalome tse mpe tse tla le hlokisa bana; le mohla lefu la sewa le madi di tla tsamaya ha hao, ke o tlisetse lerumo. Ke nna Jehova ke buang jwalo!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ