Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 14:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Leha ke be nka tlisa lerumo lefatsheng lena, ka re: Lerumo a le ke le tsamaye le lefatshe, ka ba ka kgaola batho le dikgomo teng,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 “Kapa ha nka bolaya baahi ba naha eo ka sabole, mme ka re: ‘Sabole a e ke e bolaye baahi ba naha ena!’ ebe ke bolaya batho ba yona le diphoofolo tsa yona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 14:17
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.


Ho itswe ke Jehova: Nqalong ena e dithako, e se nang motho leha e le kgomo, le metseng ya teng, ho sa tla ba teng meraka ya badisa ba bothisang mehlape.


Jo! Sabole ya Jehova, o tla phomola neneng? Kgutlela selateng sa hao, o kgutse, o eme!


O ne o tla phomola jwang, ha Jehova a o laeditse bakeng sa Ashkelone le bakeng sa lebopo la lewatle? Ke moo a e lebisetsang teng.


Mora motho, ha lefatshe le itseng le ne le ka ntshitelwa ka ho tlola, mme ka le otlollela letsoho, ha ke ne nka le robela kotlo ya bohobe, ka le romela tlala, ka kgaola batho le dikgomo ho lona,


le hoja banna bao ba bararo ba ne ba ka ba teng ho lona, ka nna ya phelang, ho rialo Morena Jehova, ba ne ba ke ke ba namolela bara, kapa baradi ba bona, ba ne ba tla inamolela ba nnotshi.


ka baka leo, Morena Jehova o re: Ke tla otlollela naha ya Edomo letsoho la ka, ke kgaole batho le dikgomo teng, ke be ke e etse nahathothe ho tloha Themane, mme ba tla dihuwa ke lerumo ho ya fihla Dedane.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Bona, ke tla o tlisetsa lerumo, ke kgaole batho le dikgomo ha hao.


Mora motho, bua ho bana ba letjhaba la heno, o re ho bona: Ekare ha ke tlisetsa lefatshe le itseng lerumo, mme setjhaba sa lefatshe leo se inkela monna hara sona, ho mmea sebohodi sa sona;


Boraro ba lona bo tla shwa ke lefu la sewa, kapa bo timele ke tlala hona ha eno; boraro bo bong bo tla dihuwa ke lerumo mathokong a hao; mme boraro bo bong ke tla bo qhalanyetsa ka nqa tsohle, ke bo phallele ke tsomotse lerumo.


ke le romele le tlala le dilalome tse mpe tse tla le hlokisa bana; le mohla lefu la sewa le madi di tla tsamaya ha hao, ke o tlisetse lerumo. Ke nna Jehova ke buang jwalo!


Ka baka leo, lefatshe le a lla, le batho ba ahileng ho lona ba tepeletse, le tsona diphoofolo tsa naha le dinonyana tsa lehodimo; esita le dihlapi tsa lewatle di a timela.


Ke tla kenya lerumo hara lona, le tlang ho pheteletsa selekane sa ka; etlare ha le bokane metseng ya lona, ke tla romela lefu la sewa hara lona, mme le tla neelwa matsohong a dira.


Ke ya tlosa batho le diphoofolo, ke tlose dinonyana tsa lehodimo le dihlapi tsa lewatle, le dikgopiso hammoho le ba bolotsana, ke be ke timeletse batho hodima lefatshe, ho bolela Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ