Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 14:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 ha ho ne ho ka ba teng ho lona banna bao ba bararo, Nowe, le Daniele, le Jobo, haele bona, ba ne ba tla namolela meya ya bona, ka ho loka ha bona; ho rialo Morena Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Leha eba banna bana ba bararo: Nowe, Daniele le Jobo, ba ne ba phela naheng eo, ho loka ha bona ho ne ho tla lopolla bona feela, ho rialo Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 14:14
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a re ho Nowe: Kena arekeng, wena le ba ntlo ya hao kaofela, hobane ke o bone o lokile pela ka lelokong lena.


Monna o ne a le teng naheng ya Utse; lebitso la hae e le Jobo; e ne e le motho ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe.


Mme enere hobane e mong le e mong a qete letsatsi la mmoka wa hae, Jobo o ne a romela ho ba bitsa, mme a ba hlatswe, a tsohe e sa le ka meso, a hlabe mahlabelo a ditjheso a lekanang dihlooho tsa bona; hobane Jobo o ne a re: Ekaba mohlomong bara ba ka ba sitilwe ka ho lebala Modimo dipelong tsa bona. Jobo a nna a etsa jwalo kamehla.


Maruo ha a thuse letho mohla letsatsi la bohale, empa ho loka ho lwela lefung.


Mme wena, o se ke wa rapella setjhaba sena, o se ke wa ba phahamisetsa mohoo leha e le thapelo, hobane mohla ba bitsang ho nna ka baka la tsietsi ya bona, ha ke na ho ba mamela.


Empa Jehova a re ho nna: Le hoja Moshe le Samuele ba ka ema pela ka, pelo ya ka e be e ke ke ya hauhela setjhaba sena. O tlo o se leleke pela ka, se tlohe.


Haele wena, o se ke wa rapella setjhaba sena, o se ke wa phahamisa mohoo leha e le thapelo bakeng sa bona, o se ke wa ntiisetsa matla, hobane ha ke na ho o utlwa.


banna bao ba bararo, ha ba ne ba ka ba teng ho lona, ka nna ya phelang, ho rialo Morena Jehova, ba ne ba ke ke ba namolela bara, kapa baradi ba bona; ba ne ba tla inamolela ba nnotshi; haele lefatshe, le ne le tla nne le senyehe.


le hoja banna bao ba bararo ba ne ba ka ba teng ho lona, ka nna ya phelang, ho rialo Morena Jehova, ba ne ba ke ke ba namolela bara, kapa baradi ba bona, ba ne ba tla inamolela ba nnotshi.


Nowe, Daniele le Jobo ba ntse ba le ho lona, ka nna ya phelang, ho rialo Morena Jehova, ba ne ba ke ke ba namolela bara le baradi ba bona; haele bona, ba ne ba tla namolela meya ya bona ka ho loka ha bona.


Wa nka le diaparo tsa hao tse homilweng ho di apesa ka tsona, wa bea ole ya ka le dibano tsa ka pela tsona.


Hape, wa nka bara le baradi ba hao, bao o neng o ntswaletse bona, wa ba hlabela tsona, hore di ba je. Na bootswa ba hao e ne e le ntho e nyenyane,


Moya o etsang sebe, ke wona o tla shwa. Mora motho eo a ke ke a jara letho la molato wa bokgopo ba ntatae, mme motho a ke ke a jara letho la molato wa bokgopo ba mora wa hae; ho loka ha ya lokileng ho tla ba hodima hae, bokgopo ba e mobe bo be hodima hae le bona.


bona, o hlalefile ho feta Daniele, ha ho lekunutu le patehileng ho wena;


Empa ha wena o tshositse molotsana, mme a sa ka a kgeloha bokgopo ba hae le tsela ya hae e sa lokang, haele yena o tla shwa ka bokgopo ba hae, empa wena etlaba o pholositse moya wa hao.


Hara bona, ho ne ho na le Daniele, Hanania, Mishaele, le Asaria, ba leloko la Juda.


A re ho nna: Daniele, monna ya ratwang, mamela ditaba tseo ke o bolellang tsona, o nne o eme maotong a hao; hobane jwale ke romilwe ho wena. Eitse hobane a bue jwalo le nna, ka ema ke ntse ke thothomela.


ha ke sa bolela ka thapelo, monna eo Gabriele, eo ke neng ke mmone pele ponong e nngwe, a phakisa a fofela ho nna, e le ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya;


Eitse ha o sa qala ho rapela, lentswe la tswa leo ke tlileng ho o tsebisa lona, hobane o ya ratwang. Ela lentswe hloko, o utlwisise pono.


Ka tumelo, Nowe, eitse hobane a tsebiswe ke Modimo tse esong ho bonahale, o kile a tshaba Modimo, mme a haha areka ho pholosa ba ntlo ya hae, mme ka tumelo eo o tswile lefatshe, le hona a etswa mojalefa wa ho loka ho leng ka tumelo.


ke moo ho bonahalang hobane Morena o tseba ho lwela barapedi molekong, le ho bolokela bakgopo hlokofatso ya letsatsi la kahlolo;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ