Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 14:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 hore ba ntlo ya Iseraele ba se ke ba hlola ba nkwenehela, ba se ke ba hlola ba itshilafatsa ka meikgantsho yohle ya bona, e be setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona: ho rialo Morena Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Kahoo bana ba Iseraele ha ba sa tla hlola ba mphuralla, mme ha ba sa tla hlola ba silafatswa ke ditshito tsa bona; e tla ba setjhaba sa ka, mme nna ke be Modimo wa sona, ho rialo Morena Modimo.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 14:11
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla tiisa selekane sa ka, se mahareng a ka le wena, le ditloholo tsa hao tse o hlahlamang ka meloko ya tsona, e be selekane se sa feleng, ke be Modimo wa hao le wa leloko la hao le o hlahlamang.


Ha ke ne ke eso ho kokobetswe, ka na ka kgeloha; empa jwale, ke ela lentswe la hao hloko.


Badisa ba setjhaba sena ba se kgelosa, ba dumelang ho diswa ba lahleha.


seo ke se laeditseng bontata lona moholo, mohla ke ba ntshang lefatsheng la Egepeta, seboping sa tshepe, ka re: Mamelang lentswe la ka, le etse tsohle tseo ke le laelang tsona; ke hona le tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa lona,


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla bakeng sa baporofeta bao: Bonang, ke ya ba jesa lengana, ke ba nose metsi a mahloko, hobane ka baporofeta ba Jerusalema bonyefodi bo hlile bo tswetse pele lefatsheng lohle.


Ke tla ba nea pelo e ntsebang hoba ke Jehova; mme e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona, hobane ba tla sokolohela ho nna ka pelo yohle.


Empa ke sena selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ho bolela Jehova: Ke tla ngola molao wa ka kahare ho bona, ke o ngole dipelong tsa bona; ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


E tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona.


Setjhaba sa ka e ne e le mohlape wa dinku tse lahlehileng; badisa ba tsona ba ne ba di kgelosa, ba di sepedisa dithabeng le marallaneng, tsa ba tsa lebala lesaka la tsona.


Ba tla jara bokgopo ba bona; seo bokgopo ba ya botsang bo tla ba sona, bokgopo ba moporofeta bo tla ba sona,


Ha ba sa tla itshilafatsa ka ditshwantsho tsa bona, le ka manyala a bona, le ka meikgantsho yohle ya bona; ke tla ba ntsha meahong yohle ya bona eo ba sitilweng ho yona, ke ba hlwekise, mme e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona.


Tabernakele ya ka e tla ba hodima bona, mme ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Ho qala tsatsing leo le ho isa pele, ba ntlo ya Iseraele ba tla tseba hoba ke nna Jehova, Modimo wa bona.


Haele Balevi ba mphuruletseng mohla Baiseraele ba kgelohang, ba nkgelohang ho ya latela ditshwantsho tsa bona, ba tla jara bokgopo ba bona.


Haele baprista ba Balevi, bara ba Tsadoke, ba bolokileng tseo ke di beileng sehalalelong sa ka, ha bana ba Iseraele ba ne ba nkgelohile, bona ba tla atamela pela ka ho etsa tshebeletso ya ka, ba eme pela sefahleho sa ka ho bea mafura le madi pela ka: ho bolela Morena Jehova.


Karolo eo e halalelang e tla ba ya baprista, bara ba Tsadoke, ba nnileng ba boloka seo ke neng ke se beile ho bona, ba sa kang ba kgeloha, mohla bana ba Iseraele ba kgelohang, le mohla Balevi le bona ba kgelohang.


Eo ya boraro, yona ke tla e kenya mollong, ke ba qhibidise jwaloka ha ho qhibidiswa silefera, ke be ke ba tsheke jwaloka, ha ho tshekwa kgauta. Ba tla rapela lebitso la ka, mme ke tla ba arabela. Ke tla re: Ke setjhaba sa ka, mme sona se tla re: Jehova ke Modimo wa rona.


Baiseraele bohle ba tla utlwa, ba tshabe, mme ho ke ke ha hlola ho etswa bobe bo bokalo ha eno.


Ba bang ba tla utlwa hoo, ba tla tshaba, mme ba ke ke ba etsa bobe bo bokalo haeno le ka mohla o le mong.


Empa jwale, ba lakatsa lehae le fetisang ka molemo, e leng la lehodimo; ke ka baka leo Modimo o se nang dihlong tsa ho ipitsa Modimo wa bona; hobane o ba lokiseditse motse.


Haele selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ke sona sena, ho bolela Morena: Ke tla kenya melao ya ka kelellong tsa bona, ke e ngole dipelong tsa bona; mme ke tla ba Modimo wa bona, le bona e tla ba setjhaba sa ka.


Ba kgelohile tsela e lokileng, ba lahlehile, ba ile ka tsela ya Balaame, mora Bosore, ya ratileng moputso wa bokgopo.


Ya hlolang o tla ja lefa la ntho tsohle, mme ke tla ba Modimo wa hae, yena e be mora wa ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ