Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 14:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba ho tla ho nna banna ba bang ba baholo ba Iseraele, ba dula pela ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Baholo ba bang ba setjhaba sa Iseraele ba tla ho nna, ba dula kapele ho nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 14:1
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elisha o ba a dutse ha hae ka tlung, le baholo ba ne ba dutse le yena; morena a roma lenqosa la hae; empa lenqosa ha le eso ho fihle ho Elisha, yena a re ho baholo: Na le a bona hoba mora enwa wa mmolai o rometse ho nkgaola hlooho? Bonang, etlere ha lenqosa le etla, le kwale nmonyako, le tiise lemati pela lona; na diqi tsa maoto a monga lona ha di le latele na?


Sebohodi se re: Meso e a hlaha, ho ntoo ba bosiu. Ha le rata ho botsa, botsang! Sokolohang, le boye.


Morena o itse: Erekaha setjhaba sena se ikatametsa ho nna ka molomo, se ntlhonepha ka melomo, athe pelo ya sona e hole le nna, le tshabo eo ba ntshabang ka yona e le molao feela wa batho, oo ba o rutilweng,


Ka selemo sa bosupa, ka kgwedi ya bohlano, ka la leshome ho kgwedi, baholo ba bang ba Iseraele ba tla ho botsa Jehova, mme ba dula pela ka.


Mora motho, bolella baholo ba Iseraele, o re ho bona: Morena Jehova o re: Na le tlile ho mpotsa na? Ke a phela, ha ke dumele ho botswa ke lona: ho rialo Morena Jehova.


Ba tla ho wena ba kolokile; batho ba setjhaba sa ka ba dula pela hao, ba mamela mantswe a hao, ba mpa ba sa ye ka wona; hobane ba bua hantle ka melomo ya bona, empa pelo tsa bona di latetse leruo la bona.


Ho bona o ka sebini se kgahlehang, se lentswe le letle, se tsebang ho letsa harepa. Ba mamela mantswe a hao jwalo, empa ha ba ye ka wona.


Ka selemo sa botshelela, ka kgwedi ya botshelela, ka tsatsi la bohlano la kgwedi, ka re ke sa dutse tlung ya ka, le baholo ba Juda ba dutse pela ka, letsoho la Morena, e leng la Jehova, la nkwela hodimo hona teng.


O ne a na le ngwanabo, ya bitswang Maria, ya bileng a tla, a dula maotong a Jesu, a mamela lentswe la hae.


Yaba o re: Nna, ke Mojuda, ya tswaletsweng Tarese wa Silisia; ke mpa ke holetse motseng wona maotong a Gamaliele; ka rutwa ka mokgwa o fetisisang ho ya ka molao wa bontata rona, ka ba le tjheseho ho Modimo jwaloka lona kaofela kajeno.


Yare hosasane, marena le baholo le bangodi ba bokana hona Jerusalema,


Yaba Petrose, a tletse Moya o Halalelang, o ba bolella, a re: Marena a setjhaba, le lona baholo ba Iseraele,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ