Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 13:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Morena Jehova o re: Ho madimabe baporofeta ba mawatla, ba yang ka kelello tsa bona, ba buang ba sa ka ba bona letho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Morena Modimo o bua tjena: Ho madimabe baporofeta ba dithoto, ba porofetang tsa bona, empa ba sa bona letho!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 13:3
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Pelo ya motho ya masene e sela tsebo; empa molomo wa mawatla o ikgorisa bosawana.


Molomo wa ya bohlale o hlahisa tsebo hamonate; empa molomo wa mawatla o kolla bohlanya.


Ho madimabe badisa ba senyang, ba qhalanyang mohlape wa makgulo a ka, ho bolela Jehova.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba le porofetelang; ba le tshepisa bosawana, ba bolela tshenolo ya dipelo tsa bona, e seng e tswang molomong wa Jehova.


Taba e nyatsang baporofeta. Pelo ya ka e robehile kahare ho nna, masapo a ka kaofela a ntse a tetema, ke jwaloka motho ya tahilweng, le jwaloka motho ya hlotsweng ke veine, pela Jehova le pela lentswe le hlwekileng la hae.


Mme moporofeta Jeremia a bolella Hanania moporofeta, a re: Mamela hle, Hanania: Jehova ha a ka a o roma, mme wena o hlile wa tshepisa setjhaba sena ka leshano.


Baporofeta ba hao ba ile ba o bonela mashano le bosawana, ha ba ka ba o kwahollela bokgopo ba hao, hore ba tle ba kgelose kgoleho ya hao, ba mpa ba o boleletse ditshenolo tsa leshano le tsa thetso.


o re: Morena Jehova o re: Ho madimabe ba rokang mesangwana ya ho apesa dinoko tsohle tsa letsoho, ba etsang mesamelo ya dihlooho tse boholo bofe le bofe, hore ho tshwaswe meya ya batho. Na le re, le ka tshwasa meya ya ba setjhaba sa ka, le ntse le pholositse meya ya lona na?


Oho Iseraele, baporofeta ba hao ba tshwana le diphokojwe tse dithakong.


Mora motho, porofetela badisa ba Iseraele, o porofete, o re ho badisa bao: Morena Jehova o re: Ho madimabe badisa ba Iseraele ba itisang; ha ke re, badisa ba tshwanetse ho disa mohlape?


Ho se ho tla ditshiu tsa hlahlobo, ho se ho tla ditshiu tsa phetetso! Iseraele o tla tseba! Moporofeta o fetohile lewatla, motho wa moya o hlanya ka baka la boholo ba bokgopo ba hao le ka baka la bora ba hao bo boholo.


Yaba Jehova o re ho nna: O boele o inkele seo e leng sa modisa wa lewatle.


Mawatla ting! ya entseng bokantle, na ha a ka a etsa le bokahare na?


Ho madimabe lona, baruti ba molao, hobane le nkile senotlolo sa tsebo; ka sebele sa lona, ha le a ka la kena; hape, le thibetse le ba kenang.


Hobane leha ke bolela Evangeli, teng ha ke na seo nka ithorisang ka sona, kahobane molao wa teng o ntlamile, mme ho madimabe nna ha ke sa bolele Evangeli!


o ikgohomositse, ha a tsebe letho, mme o jewa ke leru la diphetolano le la dikgang tse hlahisang mona, le dikomang, le dinyefolo, le diplaelo tse mpe,


Empa ba ke ke ba hlola ba tswela pele; hobane bohlanya ba bona bo tla pepesetswa bohle jwaloka jwa bao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ