Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 13:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Ke hloile mesangwana ya lona eo le tshwasang meya ya batho ka yona, jwaloka hoja e le dinonyana; ke tla e hahola matsohong a lona, ke tle ke lokolle meya e tshwasitsweng, ke lokolle meya eo le e tshwasitseng jwaloka hoja e le dinonyana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 “ ‘Ka baka leo, Morena Modimo o bua tjena: Bonang mona, ke hanyetsana le dithotho tsena tsa lona tsa boloi, tseo ka tsona le tshwasang batho jwalokaha eka ke dinonyana. Ke tla di kgaola matsohong a lona, ke lokolle batho bana bao le ba tshwasang ka tsona jwalokaha eka ke dinonyana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 13:20
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o re: Morena Jehova o re: Ho madimabe ba rokang mesangwana ya ho apesa dinoko tsohle tsa letsoho, ba etsang mesamelo ya dihlooho tse boholo bofe le bofe, hore ho tshwaswe meya ya batho. Na le re, le ka tshwasa meya ya ba setjhaba sa ka, le ntse le pholositse meya ya lona na?


Le ntlhompholotse pela setjhaba sa ka, ka baka la dikakolo tsa harese le dingwatho tsa bohobe, ka ho bolaya meya e neng e sa tshwanela ho shwa, le ka ho pholosa meya e neng e sa tshwanela ho phela, le ka ho thetsa setjhaba sa ka se mamelang leshano.


Ke tla hahola le mesamelo ya lona, ke tle ke namolele setjhaba sa ka diatleng tsa lona, mme ha se sa tla ba matsohong a lona hore se tshwaswe ke lona, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ