Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 13:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 o re: Morena Jehova o re: Ho madimabe ba rokang mesangwana ya ho apesa dinoko tsohle tsa letsoho, ba etsang mesamelo ya dihlooho tse boholo bofe le bofe, hore ho tshwaswe meya ya batho. Na le re, le ka tshwasa meya ya ba setjhaba sa ka, le ntse le pholositse meya ya lona na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Ho madimabe basadi ba rwesang batho dithotho tsa boloi manonyeletsong a matsoho a bona, ba rwesang ba baholo le ba banyenyane masira dihloohong tsa bona, e le hore ba hohele batho! Na le tla timetsa bophelo ba setjhaba sa ka, ebe ba lona le a bo baballa?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 13:18
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane mosadi wa seotswa o fumanehisa motho, a be a sallwe ke sengwathwana sa bohobe feela, mme letekatsi le tsoma ho phela ha motho ya qenehelwang.


Yaba ke re: Jo! Morena Jehova, kannete o thetsitse setjhaba sena le Jerusalema, ha o itse: Le tla nne le be le kgotso, kanthe lerumo le hlile le ba hlaba ho ya fihla moyeng.


Ba oka leqeba la moradi wa setjhaba sa ka ka bobebe, ka ho re: Kgotso! kgotso! kanthe ha ho kgotso.


Erekaha ba fela ba kgelosa setjhaba sa ka, ba re: Kgotso! athe ha ho kgotso, mme erekaha tjhaba sena se haha lerako, mme ba le dila ka seretse ...


e leng baporofeta ba Iseraele, ba neng ba porofetela Jerusalema, ba neng ba mmonela dipono tsa kgotso, kanthe ha ho kgotso: ho rialo Morena Jehova.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re: Ke hloile mesangwana ya lona eo le tshwasang meya ya batho ka yona, jwaloka hoja e le dinonyana; ke tla e hahola matsohong a lona, ke tle ke lokolle meya e tshwasitsweng, ke lokolle meya eo le e tshwasitseng jwaloka hoja e le dinonyana.


Ke tla hahola le mesamelo ya lona, ke tle ke namolele setjhaba sa ka diatleng tsa lona, mme ha se sa tla ba matsohong a lona hore se tshwaswe ke lona, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


Ho na le tumellano ya boikgantsho ho baporofeta ba ho yona, ho ka tau e purumang, e rusollang thusolelo; ba ja meya ya batho, ba nka maruo le ntho tsa bohlokwa, ba atisa basadi ba bahlolohadi hara naha.


hore re se hlole re eba bana, ba jwaloka mahohodi, ba fetohelang moyeng o mong le o mong wa thuto e ntjha, ka thetso ya batho, le ka mano a bona a ho kgelosa ka bohata;


Hobane nako e tla ba teng eo ba ke keng ba mamella thuto ya pholoho, empa ka baka la ho hlohlona ha ditsebe tsa bona, ba tla ipokelella baruti ba dumellanang le ditakatso tsa bona;


Mahlo a bona a tletse bofebe le sebe se sa phetseng, ba tjheha meya e dikadikang; ba na le dipelo tse hlalefetseng ho batla leruo; ke ba rohakilweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ