Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 12:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ha ho le jwalo, ere ho bona: Morena Jehova o re: Ke tla kgaoletsa polelo eo, e tle e se ke ya nna ya phetwa Iseraeleng. O mpe o re ho bona: Matsatsi a ntse a atamela, le yona ketsahatso ya pono e nngwe le e nngwe ya mohlolo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Ka baka leo, ba bolelle, o re: ‘Morena Modimo o bua tjena: Puo ena ke tla e fedisa, mme ha e sa tla hlola e buuwa naheng ena ya Iseraele.’ Empa ba bolelle, o re: ‘Matsatsi a atametse ao ka wona pono e nngwe le e nngwe e tla phethahatswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 12:23
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o tsheha ka yena, hobane o bona hoba letsatsi la hae le a tla.


Mme jwale, le se ke la nna la soma, mahlaahlela a lona a tle a se ke a tiiswa; hobane ke utlwile ho Morena, Jehova wa makgotla, hore tshenyeho ya lefatshe lohle e rerilwe.


Ntswe lefe kapa lefe leo ke le buileng, ntswe leo le tla phethahala, ha le sa tla diehiswa. Hobane ke mehleng ya lona, lona ba ntlo ya bahanyetsi, ke tlang ho bua lentswe le itseng, mme ke tla le etsahatsa: ho rialo Morena Jehova.


Bona, mang le mang ya etsang maele, o tla etsa le leng ka wena, a re: Moradi o futsitse mmae.


Ke a phela, ho bolela Morena Jehova, ha le ka ke la hlola le bolela polelo eo ya maele Iseraeleng.


Haele wena, mora motho, Morena Jehova o bolela hodima naha ya Iseraele, o re: Bofelo, bofelo ba dipheletso tse nne tsa lefatshe lena bo fihlile!


Letsang terompeta Sione; le hlabe mokgosi thabeng ya ka e kgethehileng! Baahi bohle ba naha ba thothomele, hobane letsatsi la Jehova le a tla, le haufi.


Letsatsi la Jehova le leholo le atametse, le atametse, le bile le akofa ka ho fetisisa. Utlwang! letsatsi la Jehova ke lena! Teng mohale o meketsa habohloko.


Hobane bonang, letsatsi le a tla, le tjhesang jwaloka mollo wa sebopi, mme baikgohomosi kaofela le bohle ba etsang bolotsana ba tla ba jwaloka matlakala; tsatsi leo le tlang le tla ba tjhesa, ho bolela Jehova wa makgotla, ho se hlole ho sala ho bona motso, kapa lekala.


Kannete ke re ho lona: Moloko wona o ke ke wa feta, tseo tsohle di eso ho etsahale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ