Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 12:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Esita le morena ya leng hara bona, o tla jara thoto lehetleng, ka shwalane, a tswele ntle a le jwalo. Lerako le tla phunngwa ho mo ntshetsa ntle; o tla ikgurumetsa sefahleho, hore a se ke a bona lefatshe ka mahlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 “Kgosana ya bona e tla jara thoto ya yona mahetleng a yona, e le ka shwalane, e tsamaye. E tla tswa le lesobeng leo ba e phunyeditseng lona leboteng, e ikgurumetse sefahleho e le hore e se ke ya bona tsela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 12:12
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ho se ho phuntswe lerako, banna bohle ba ntwa ba baleha bosiu ka tsela e yang le kgoro, mahareng a marako a mabedi a pela tshimo ya morena, Bakalde ba ntse ba teetse motse hare. Ha tsamauwa ka tsela e yang le lehwatata.


Ebile ba tloha ka shwalane, ba ya diahelong tsa Basiria; ha ba fihla qalong ya diahelo tsa Basiria, ba bona ho se motho teng.


Bosiu, ba phunya matlo, motshehare ba ikwalla; ha ba tsebane le letsatsi.


Mme jwaloka difeiye tse mpe tse se nang ho jewa ke hoba di le mpe, ho itswe ke Jehova, ke tla etsa jwalo ho Tsedekia, morena wa Juda, le ho matona a hae, le ho masala a Jerusalema a sa setseng lefatsheng lena, le ho ba ahileng lefatsheng la Egepeta.


Mme o tla nkela Tsedekia Babilona; o tla nne a dule teng, ke tle ke be ke mo etele, ho bolela Jehova. Ha le lwana le Bakalde, le ke ke la thusa letho.


Morena Tsedekia a ntoo romela ho mo lata, mme morena a mmotsa ka tlung ya hae, ka sephiring, a re: Na lentswe le teng le tswang ho Jehova na? Yaba Jeremia o araba, a re: Le teng. Mme a re: O tla neelwa matsohong a morena wa Babilona.


Eitse ha Tsedekia, morena wa Juda, le bahlabani kaofela ba ba bona, ba baleha, ba tswa motseng bosiu, ka mmila wa serapa sa morena, ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, ba tswa ka tsela ya lehwatata.


Eitse hobane ho fete ditshiu tse leshome, lentswe la Jehova la tla ho Jeremia.


Eitse hobane motse o phunngwe, bahlabani kaofela ba baleha; ba tswa motseng ka bosiu, ka kgoro e mahareng a marako a mabedi a serapeng sa morena; Bakalde ba ne ba ntse ba thibeletse motse; yaba ba ya ka tsela ya lehwatata.


O tle o ntshetse thoto ya hao ntle, motshehare, pela mahlo a bona, jwalokaha ho ntshwa thoto ya mofalli; mantsiboya, pela mahlo a bona, o tswele ntle, ka mokgwa oo bafalli ba tswang ka wona.


O tla inkela yona lehetleng pela mahlo a bona, o e ntshetse ntle ka shwalane; o ikgurumetse sefahleho, o tle o se ke wa bona lefatshe; hobane ke o beetse ntlo ya Iseraele ka mokgwa wa setshwantsho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ