Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 12:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ere: Ke nna setshwantsho sa lona. Ba tla etsetswa jwalokaha ke entse; ba tla falla, ba ye kgolehong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Ere ho bona: ‘Ke nna sesupo sa lona.’ “Jwalokaha ke entse ho wena, le ho bona ke tla etsa jwalo; ba tla tsamaya, ba ye bothopuweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 12:11
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele ba setseng ba setjhaba ba neng ba tlohetswe motseng, le ba thobileng, ba ineetseng morena wa Babilona, le ba setseng ba bangata, Nebusaradane, molaodi wa bahlabani ba morena, a ba isa kgolehong.


Bara ba Tsedekia ba bolawa pela mahlo a hae; Tsedekia a ntoo phunngwa mahlo, a tlangwa ka mahlaahlela a koporo, mme a iswa Babilona.


O bofe thoto ya hao, o falle naheng ena, wena ya dutseng mahlomoleng.


Etlere ha ba re ho wena: Ana re tswele kae? O ba fetole, o re: Ho itswe ke Jehova: Ba loketsweng ke lefu ba tswele lefung, ba loketsweng ke lerumo ba tswele lerumong, ba loketsweng ke tlala ba tswele tlaleng, ba loketsweng ke kgoleho ba tswele kgolehong.


Ba banyenyane ba setjhaba le masala a setjhaba, ba neng ba setse motseng, le bakwenehi ba neng ba ineetse morena wa Babilona, le ba setseng ba bangata, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a ba isa kgolehong.


Haele wena, mora motho, o tle o iketsetse thoto e kang ya mofalli, o tlohe motshehare pela mahlo a bona, jwaloka hoja o falla: o fele o tlohe pela mahlo a bona, nqalong eo o leng ho yona, ho ya ho e nngwe nqalo; ekaba ba tla nahana hoba efela ke ntlo ya bahanyetsi.


O tla inkela yona lehetleng pela mahlo a bona, o e ntshetse ntle ka shwalane; o ikgurumetse sefahleho, o tle o se ke wa bona lefatshe; hobane ke o beetse ntlo ya Iseraele ka mokgwa wa setshwantsho.


Haele wena, mora motho, o nke lekote, o le bee pela hao, mme ho lona o tshwantshe motse, e leng Jerusalema;


O ntoo nka lekapa la tshepe, o le etse lerako la tshepe mahareng a hao le motse, o o lebisetse sefahleho sa hao, hore o tle o thibellwe, mme o o thibelle. Hoo e tla ba pontsho ho ntlo ya Iseraele.


Utlwa he, Joshua, moprista e moholo, wena le banabeno ba dutseng pela hao; ruri banna bao ke dipontsho ho setjhaba, hobane ke ya tlisa mohlanka wa ka, Lehlomela!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ