Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 12:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ere ho bona: Morena Jehova o re: Boporofeta boo bo supa morena wa Jerusalema le bohle ba ntlo ya Iseraele ba leng hona teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 “Ere ho sona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Molaetsa ona ke wa kgosana ya Jerusalema le bohle ba ntlo ya Iseraele ba phelang moo.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 12:10
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehu a re ho Bidkare, tona ya hae: Mo nke, o mo lahlele tshimong ya Nabothe wa Jisreele; hopola hobane, mohla re neng re kaletse hammoho le wena, re latetse Akabe ntatae, Jehova o boletse tsuo hodima hae,


Boporofeta hodima Babilona, bo senoletsweng Esaia, mora Amotse:


Ka selemo seo Akase a shweleng ka sona, ha bolelwa boporofeta bona, ha thwe:


Kamora tseo, ho bolela Jehova, yena Tsedekia, morena wa Juda, le bahlanka ba hae, le setjhaba, le ba siilweng motseng ona ke lefu la sewa, le ke lerumo, le ke tlala, ke tla ba neela matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona le matsohong a bao e leng dira ho bona, le matsohong a ba batlang bophelo ba bona; o tla ba otla ka bohale ba lerumo, a sa ba hauhele, a sa ba qenehele, a sa ba rekolohele.


Mme jwaloka difeiye tse mpe tse se nang ho jewa ke hoba di le mpe, ho itswe ke Jehova, ke tla etsa jwalo ho Tsedekia, morena wa Juda, le ho matona a hae, le ho masala a Jerusalema a sa setseng lefatsheng lena, le ho ba ahileng lefatsheng la Egepeta.


Empa ha o sa tswe ho ya ineela balaodi ba morena wa Babilona, motse ona o tla neelwa matleng a Bakalde, ba o tjhese ka mollo; le wena o ke ke wa phonyoha matsohong a bona.


Haele wena, mora motho, o tle o iketsetse thoto e kang ya mofalli, o tlohe motshehare pela mahlo a bona, jwaloka hoja o falla: o fele o tlohe pela mahlo a bona, nqalong eo o leng ho yona, ho ya ho e nngwe nqalo; ekaba ba tla nahana hoba efela ke ntlo ya bahanyetsi.


Busetsa lerumo selateng sa lona! Ke tla o ahlola nqalong eo o bopileng ho yona, lefatsheng leo o hlahileng ho lona,


Morena o tla lla, kgosana e ikapese ka bofifi, matsoho a setjhaba sa lefatshe a thothomele. Ke tla ba etsa ka mekgwa ya bona, ke ba ahlole ka dikahlolo tsa bona, mme ba tla tseba hoba ke nna Jehova.


Ke bona boporofeta ba lentswe la Jehova le rometsweng Iseraele ka Malakia:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ