Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 11:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Yaba moya o a nkuka, wa nkgutlisetsa Kalde ho ba isitsweng teng kgolehong, ka pono ya mohlolo, ka moya wa Modimo. Mme pono ya mohlolo eo ke neng ke e bone, ya tloha ho nna, ya nyolohela hodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Ka pona e entsweng ke Moya wa Modimo, Moya wa mphahamisa, wa nkisa ho bathopuwa ba naheng ya Bakalatiya. Yaba pono eo ke e boneng e tloha ho nna,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 11:24
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o lesa ho bua le yena, mme Modimo wa myoloha, wa tloha ho Abrahama.


Yaba Modimo o a nyoloha, wa tloha ho yena nqalong eo o buileng le yena ho yona.


Ba ntoo re ho yena: Bona, bahlanka ba hao ba na le banna ba matla ba mashome a mahlano; ha ba ke ba ye, ba batle monga hao; ekaba mohlomong, moya wa Jehova o mo nkile, o mo lahletse thabeng e nngwe, leha e le sekgutlong se seng. A re: Le se ke la romela.


Mabopong a dinoka tsa Babilona re ne re dutse, re lla, ha re hopola Sione;


Mme Kalde o tla etswa kgapo; bahapi ba hae kaofela ba tla kgora yena, ho bolela Jehova.


Eitse ka selemo sa mashome a mararo, ka kgwedi ya bone, ka tsatsi la bohlano la kgwedi, ha ke ne ke le hara ba isitsweng kgolehong nokeng ya Kebare, mahodimo a phetlwa, mme ka bona pono tse hlollang tsa Modimo.


lentswe la Jehova la tlela Esekiele, mora Busi moprista, a le naheng ya Bakalde, pela noka ya Kebare; letsoho la Jehova la eba ho yena hona teng.


Mme moya wa nkuka, wa nkisa monyakong wa Botjhabela wa tempele ya Jehova, o lebileng nqa botjhabela; mme ka bona pela lemati la monyako ho eme banna ba mashome a mabedi a metso e mehlano; hara bona ka bona Jaasania, mora Assure, le Pelathia, mora Benaia, e le mahosana a setjhaba.


Yaba moya o a nkuka, mme ka utlwa modumo wa serwakgametsa kamora ka, ha thwe: Kganya ya Jehova e ke e bokwe bodulong ba hae!


Ka fihla Thel-Abibe, ho ba kgolehong ba ahileng pela noka ya Kebare, ka dula moo ba ahileng teng; ka dula teng ho bona tshiu tse supileng, ke maketse.


Letsoho la Jehova la eba teng ho nna, mme Jehova a ntlosa ka moya, a mpea hara thota, mme e ne e tletse masapo.


Ke ha moya o nkuka, wa ntlisa lebaleng le kahare; mme ka bona kganya ya Jehova e tletse ntlo.


A otlolla ntho e kang letsoho, a nkuka ka sehlotho sa hlooho ya ka, mme moya wa nkukela pakeng tsa lefatshe le lehodimo, wa nkisa diponong tsa mehlolo tsa Modimo, Jerusalema, monyako wa lebala le kahare o lebileng nqa leboya, moo ho nang le setulo sa setshwantsho sa poulelo se bouledisang.


Hoo ha etswa hararo, lesela la ntoo boela le nyolosetswa lehodimong.


Eitse ha ba tloha metsing, Moya wa Morena wa tlosa Filipi, mme letona ha le a ka la hlola le sa mmona; la mpa la tswela pele tseleng ya lona le thabile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ