Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 11:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Yaba dikerubime di emisa dipheo tsa tsona, di ena le mabidi maloka le tsona, le kganya ya Modimo wa Iseraele e di okametse nqa hodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Jwale dikerubime tsa thathalatsa mapheo a tsona, tsa phahamisa le mabidi a mahlakoreng a tsona, mme tlotla ya Modimo wa Iseraele ya eba kahodimo ho tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 11:22
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwaloka ponahalo ya mookodi ha o bonahala lerung mohla pula, ponahalo ya kganya eo ka nqa tsohle e ne e le jwalo. E ne e ka ponahalo ya kganya ya Jehova. Eitse ha ke bona hoo, ka itiha ka sefahleho sa ka, mme ka utlwa lentswe la e mong ya buang.


Yaba dikerubime di otlolla dipheo tsa tsona, tsa tloha fatshe; ka di bona ha di etswa, le mabidi a bapile le tsona. Tsa ya ema monyakong wa botjhabela wa tempele ya Jehova, kganya ya Modimo wa Iseraele e le hodima tsona, nqa hodimo.


Yaba kganya ya Jehova e tloha dikerubimeng, ya ikela mohatong wa monyako wa tempele; tempele ya tlala leru, lebala lona le ntse le tletse phatsimo ya kganya ya Jehova.


mme ka bona kganya ya Modimo wa Iseraele e etla e etswa botjhabela; lentswe la wona le ne le le jwaloka modumo wa metsi a mangata; lefatshe le ne le benya ka kganya ya wona.


Yaba kganya ya Modimo wa Iseraele e tloha kerubimeng eo e neng e e okametse, ya ya mohatong wa monyako wa ntlo. Jehova a memetsa motho ya apereng lene, ya nang le lenaka la mongodi le tlamilweng lethekeng la hae,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ