Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 11:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ha ho le jwalo, ere: Morena Jehova o re: Morena Jehova o re: Leha ke ba lahletse hara ditjhaba, ke ba qhalanyeditse dinaheng, ho bona ke tla mpe ke be sehalalelo ka motsotso o se o kae dinaheng tseo ba ileng ho tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 “Ka baka leo he, o re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Le hoja ke le leleketse hole, hara baditjhaba, mme ke le hasantse hara dinaha, ka nakwana ke tla ba sehalalelo ho lona dinaheng tseo le ileng ho tsona.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 11:16
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o ba sirela moriting wa sefahleho sa hao hole le merero ya batho; o ba boloka tenteng ya hao hole le ditshebo tsa leleme.


O re neetse bona jwaloka dinku tse hlajwang, wa re qhalanyetsa hara ditjhaba;


Jehova, o nnile wa ba setshabelo sa rona melokong le melokong.


Ya dutseng sephiring sa Mookamedi ya phahameng, o phomola moriting wa Ya matla wohle.


Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ya lokileng o balehela ho yona, mme o dula phahameng.


Mme Jehova o tla hlahisa hodima bophara bohle ba thaba ya Sione le hodima diphutheho tsa hae leru le mosi nyene, le kganya ya malakabe a mollo bosiu; hobane ke sona serireletso se tla apesa kganya yohle.


E tla ba sehalalelo; empa ho matlo a mabedi a Iseraele e tla ba lejwe le ba kgothometsang, le lefika le ba kgopang, ho ba ahileng Jerusalema e be sefi le leraba.


Baprista le baporofeta ba bolella baholo le setjhaba kaofela, ba re: Motho eo o loketswe ke lefu, hobane o porofetile bakeng sa motse ona kamoo le utlwileng kateng ka ditsebe tsa lona.


Baprista le baporofeta le setjhaba kaofela ba utlwa Jeremia ha a bolela mantswe ao ka tlung ya Jehova.


Hobane nna ke tseba mehopolo ya ka eo ke ntseng ke e hopotse bakeng sa lona, ho bolela Jehova, hobane ke mehopolo ya kgotso, e seng ya bobe, ke tle ke le nee qetello e molemo le se ka le tshepisang.


Le ke le batlele motse oo ke le isitseng kgolehong teng kgotso, le o rapelle ho Jehova, hobane kgotsong ya wona le tla ba le kgotso le lona.


Jakobo, ke na le wena ho o pholosa, ho bolela Jehova, hobane ke tla fedisa hohle ditjhaba kaofela tseo nkileng ka o qhalanyetsa ho tsona, empa wena, nke ke ka o fedisa; ke tla o laya ka ho loka; nke ke ka o tlohela feela, o sa kgalemelwe.


Utlwang lentswe la Jehova, lona ditjhaba, le tsebise dihlekehleke tse hole, le re: Ya hasantseng Iseraele o a mmokella; o tla mo disa jwalokaha modisa a disa mohlape wa hae.


Le se ke la tshaba morena wa Babilona, eo le ntseng le mo tshaba; le se ke la mo tshaba, ho bolela Jehova, hobane ke na le lona ho le pholosa le ho le namolela matleng a hae.


Feela, ka ba emisetsa letsoho la ka nahathothe, hore ke tla ba qhalanyetsa hara ditjhaba le ho ba hasanyetsa dinaheng tsohle,


Leha ho le jwalo, ha ba sa ntse ba le naheng ya bao e leng dira ho bona, nke ke ka ba lahla, mme nke ke ka ba kgesa hore ke ba fedise, mme ke robe selekane sa ka le bona; hobane ke nna Jehova, Modimo wa bona.


Jo! jo! balehang, lona ba leng naheng ya Leboya, ho bolela Jehova, hobane ke le qhalanyeditse meyeng e mene ya lehodimo, ho bolela Jehova.


Jehova o tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, le be le sale le le sehlotshwana hara ditjhaba tseo Jehova a tla le isa hara tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ