Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Ezekiele 11:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ka re ke sa porofeta, Pelathia, mora Benaia, a shwa. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho, ka meketsa, ka re: Jo! Jo! Morena Jehova, na ke ho re, o ya timeletsa masala a Iseraele na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Yare ha ke ntse ke porofeta Pelatiya, mora wa Benaya, a shwa. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho, ke howeletsa haholo, ke re: “Oho, Morena Modimo! Na o tla timetsa le masalla wohle a Iseraele?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Ezekiele 11:13
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena Jeroboame, ha a utlwa lentswe la monna wa Modimo, kamoo a howeleditseng aletare e Bethele kateng, a kgutlisa letsoho la hae aletareng, a le otlolla, a re: Mo tshwareng. Empa letsoho la hae leo a le otlolletseng ho yena, la omella, a ba a sitwa ho le honyetsa;


Wa re, o a ba fedisa; empa Moshe, mokgethwa wa wona, a kena dipakeng tsa wona le bona ho faposa bohale ba wona, hore ba se ke ba fediswa.


Mmele wa ka o tlakasela ke ho o tshaba; ke tshaba dikahlolo tsa hao.


ka baka leo, tshenyeho ya hae e tla mo wela sehloho; o tla timela hanghang, ho se le thuso.


Mme moya wa nkuka, wa nkisa monyakong wa Botjhabela wa tempele ya Jehova, o lebileng nqa botjhabela; mme ka bona pela lemati la monyako ho eme banna ba mashome a mabedi a metso e mehlano; hara bona ka bona Jaasania, mora Assure, le Pelathia, mora Benaia, e le mahosana a setjhaba.


Empa leihlo la ka la nna la ba qenehela, hore ke se ke ka ba timetsa, mme ha ke a ka ka ba fedisa nahathothe.


Yaba ke porofeta kamoo ke laetsweng kateng; ka re ke ntse ke porofeta, ha hlaha modumo, mme ka bona masapo a sisinyeha masapo, mme a atamelana, lesapo ho lesapo la lona.


Haele wena, mora motho, Morena Jehova o bolela hodima naha ya Iseraele, o re: Bofelo, bofelo ba dipheletso tse nne tsa lefatshe lena bo fihlile!


Ba re ba sa hlabaka, nna ke sa ntsane ke setse, ka itiha fatshe ka sefahleho, ka meketsa, ka re: Jo! Morena Jehova, na o tla timeletsa masala wohle a Iseraele, haele moo o tshollela Jerusalema kgalefo ya hao?


Ka baka leo, ke ba otlile ka baporofeta, ke ba bolaile ka dipolelo tsa molomo wa ka; dikahlolo tsa ka tsa hlaha hang jwaloka lesedi!


Eitse ha di qetile ho ja jwang bohle bo bong ba lefatshe, ka re: Oho Morena Jehova, tshwarela hle! Na Jakobo o tla ema jwang, athe o monyenyane?


Yaba ke re: Morena Jehova, tlohela hle! Jakobo o tla ema jwang, athe o monyenyane?


Jwale, bona, letsoho la Morena le hodima hao; o tla ba sefofu, o be o sa bone letsatsi ho isa motsotso. Yaba lefifi le botsho bo phakisa bo mo wela hodimo; o ne a dikadika, a batla ya ka mo tsamaisang ka letsoho.


Yaba o se a wela maotong a hae, a eshwa. Bahlankana, eitse ha ba kena, ba mo fumana a se a shwele, mme ba ya mo epela ho monna wa hae.


Yare ha Ananiase a utlwa mantswe ao, a wela fatshe, a shwa; mme bohle ba utlwileng taba tseo, ba tshwarwa ke tshabo e kgolo.


hobane bara ba hao ba ka kgeloswa ke bona, hore ba ntlohele, mme ba sebeletse medimo esele, mme kgalefo ya Jehova e ka le tukela, a o fedisa hang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ